Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:13 - BIBELE

13 a adimana hore a fumane phaello, a bile a inkela tswala e ngata. “Na ya tjee o tla phela? Tjhe, ha a ka ke a ba a phela! Kaha o entse dintho tsena tsohle tse manyala o tla fela a shwe, mme ebe ke yena ya ipolaileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:13
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mohla o ka tlohang, wa tshela molatswana wa Kiderone, o tsebe hantle hore o tla shwa, mme o tla be o ipolaile.”


O putsa motho ho ya ka mesebetsi ya hae, o putsa motho ho ya ka metsamao ya hae.


“Ha o adima mofutsana e mong wa setjhaba sa ka tjhelete, o se be jwaloka baadimani ba tjhelete, wa batla tswala ya yona.


ya hanang ho etsa bokgopo, ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka, le melao ya ka o a e boloka. “A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela.


“Empa ha motho ya lokileng a furalla ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, a etsa dintho tse manyala, tse etsweng ke motho ya kgopo, na motho eo o tla phela? Dintho tsohle tse lokileng tseo a di entseng ha di sa tla bolelwa. O tla shwa ka baka la ditshito tsa hae, tseo a sitilweng ka tsona, le ka baka la dibe tsa hae, tseo a di entseng.


Kaha a lemoha ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a di furalla, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.


Bakang, mme le phele, hobane ha ho eo ke thabelang lefu la hae, ho rialo Morena Modimo.”


ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya hanang ho etsa bokgopo, ya ahlolelang batho a se na leeme;


Ha ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ mme wena o sa mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, e le hore a pholose bophelo ba hae, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa madi a hae ke tla a batla ho wena.


Ha nna ke re ho ya kgopo: ‘Ruri o tla shwa,’ eba wena ha o mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, mme madi a hae wona ke tla a batla ho wena.


“ ‘Monna kapa mosadi ya nang le moya wa bothuela, kapa wa bonohe, ruri o tla bolawa. O tla tlepetswa ka majwe, a bolaelwe molato wa hae.’ ”


“ ‘Motho ofe kapa ofe ya rohakang ntatae kapa mmae, ruri o tla bolawa. Kaha o rohakile ntatae kapa mmae, o tla bolawa ka baka la molato wa hae.


Empa yare ha ba mo hanyetsa, ba mo nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: “Madi a lona a be hodima dihlooho tsa lona; nna ha ke na molato. Ho tloha jwale ke tla ya ho baditjhaba.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ