Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:9 - BIBELE

9 “Ere ho bona Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Morara o jwalo na o ka atleha? Ha o tlo fotholwa ka metso, tholwana tsa wona di hlohlorwe, di omelle? Mahaba a wona wohle a tla omella! Ho o fothola ka metso ho tla ba bobebe, ha ho hloke matla kapa letshwele la batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ere: Morena Jehova o re: Na o tla atleha? Na ntsu ya pele ha e ka ke ya fothola metso ya wona, le ho kgaola ditholwana tsa wona, hore o omelle, ho omelle le mahlomela wohle a wona a matjha? Ho ke ke ha hlokwa letsoho le matla, kapa setjhaba se seholo, ho o fothola le metso ya wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang mona! Modimo o na le rona; ke yena molaodi wa rona. Baprista ba hae ba tla re hlabela mokgosi ka diterompeta, hore re futuhe. Oho, bana ba Iseraele, se lwantsheng Morena Modimo wa bo-ntata lona, hobane ha le ka ke la atleha.”


Ba tsoha e sa le ka madungwadungwana, ba ya lehwatateng la Tekowa. Ha ba ntse ba tsamaya, Jehoshafate a ema, a re: “Lona baahi ba Juda, le lona baahi ba Jerusalema, mmameleng! Tshepang Morena Modimo wa lona, mme le ke ke la sisinyeha. Tshepang baporofeta ba hae, mme le tla atleha.”


E tla isa Sedekiya kwana Babilona, mme o tla hlola moo ho fihlela ke mo etela,’ ho rialo Morena. ‘Leha o ka lwana le Bakalatiya ha o ka ke wa atleha.’ ”


Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”


Ha o hlongwa sethopo na o tla atleha? Ha o tlo omella, e be lehohorwana, ha moya wa botjhabela o fokela ho wona? O tla omellela moo o lemilweng teng.’ ”


Morara o no so hlonngwe mobung wa selokwe, o hlonngwe pela metsi, metsi a nwesetsang, hore o tlo medise makala a wona, o a medise, a behe le ditholwana, e be morara wa bohlokwa, o motlemotle.’


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


Empa Moshe a re: “Ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Morena, ha e le moo ho bonahala hore e ke ke ya atleha?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ