Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:3 - BIBELE

3 O re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ntsu e kgolo, e mapheo a maholo, a malelele, a thathaletseng, a masiba a mangata, a mebalabala, ya fihla naheng ya Lebanone, ya dula kaleng la kedare, kaleng le hodimodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 o re: Morena Jehova o re: Ntsu e kgolo e dipheo di telele, e setono se selelele, e masiba a teteaneng, a mebalabala, e ne e tle Lebanone, mme ya nka ntlha ya kedare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:3
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a se a thopile Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, le mahosana a Juda, le ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho, le malala, a ba tlositse Jerusalema, a ba isa Babilona, Morena a mpontsha diroto tse pedi tsa feiye, tse beilweng kapele ho Tempele ya Morena.


Sera se subuhlellana sa maru a phethesela, kariki tsa sona tsa ntwa di tla sa setsokotsane, belo la pere tsa sona le feta la ntsu. A rona bale! Re timetse ruri!


Morena o bua tjena: “Bonang, ntsu ke eo e ubella, e thathaladitse mapheo hodima Moabe,


Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena.


Baphaladisi ba rona ba lebelo haholo, ba lebelo le ho feta dintsu di fofa; ba re phaladisitse hodima dithaba, ba re lalla hara lehwatata.


Ya qotha lehlahla le le hodimodimo, ya ya le lona naheng ya bahwebi, ya le hloma kahara motse wa bahwebi.


“ ‘Ho no ena le ntsu e nngwe hape e kgolo, e mapheo a maholo, a masiba a mangata; morara wa lebisa metso ya wona ho ntsu eo, le makala a wona a lebiswa ho yona, hore e o nwesetse ka metsi a mangata ho feta kamoo o nwesetswang kateng.


Bona Asiria eo e ne e le kedare ya Lebanone, e makala a matle, a thathaletseng; e ne e phahame haholo, e fihla marung, e tswile ka mahetla hara mahlaku a teteaneng.


O o neile matla a ho busa batho bohle moo ba phelang teng, le dibatana tsa naha, le dinonyana tse fofang; o o entse mmusi wa tsena kaofela. Hlooho ena ya kgauta ke wena.


“Oho, kgosi, sefate seo ke wena! O ile wa hola, wa matlafala. Boholo ba hao bo hodile hoo bo fihlang marung, le puso ya hao e fihla dipheletsong tsa lefatshe.


“Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho.


“Letsa lenaka, o hlabe mokgosi! Ntsu ke eo e ubella Moreneng, hobane tjhaba se sentse, sa senya selekane sa ka, sa ba sa tlola le molao wa ka.


Pere tsa sona di lebelo ho feta mangau, di bohale ho feta diphiri ka phirimana; bapalami ba di kgemisa, ba di kgemisa lekgarakgara, bapalami ha ba tswe mona le mona, ba fofa sa letlaka le ubella sefifi.


Kae le kae moo sefifi se leng teng matlaka a tla bokana teng.”


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


“Morena o tla o tlisetsa setjhaba se tswang hole, pheletsong ya lefatshe, se etla jwaloka ntsu ha e fofa; setjhaba seo o sa tsebeng puo ya sona;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ