Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:22 - BIBELE

22 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Le nna ke tla kgaola kala le hodimodimo, le hodimodimo la fate sa kedare, ke le hlome, ke qothe lehlahla kaleng le hodimodimo, ke le hlome hodima thaba e telele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Morena Jehova o re: Empa nna, ke tla nka lekala ntlheng e phahameng ya kedare, ke le hlome fatshe; lekaleng le leholo la yona, ke tla kga letlobo la lona, ke le hlome thabeng e telele, e phahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:22
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Thabeng ya ka e halalelang, thabeng ya Sione, nna ke beile kgosi ya ka.”


Lefatshe le ke le aparelwe ke koro, e ekethehe qhoweng tsa dithaba, tjhai e be jwaloka ya Lebanone; metseng ho tlale batho, ba be jwaloka jwang ba naha, jwang bo tlokomang.


Oho, Modimo wa mabotho, ako boele o kgutle; ako tadime o le mahodimong, o bone, o hlokomele morara ona.


Mehleng eo Lehlomela la Morena le tla atleha le tlokome. Setjhaba sohle sa Iseraele se ileng sa phonyoha se tla thabela dijalo tse behwang ke naha.


Mohlanka wa Morena o metse pela hae jwaloka lehlomela, jwaloka motso o melang mobung o omeletseng. O na hloka sebopeho kapa bokgabane ba ho re hohela, ha re mo tadima bopeho sa hae se sa re kgahle.


Bohle ba ntlo ya Iseraele ba tla ntshebeletsa hodima thaba ya ka e halalelang, e leng thaba e phahameng ya Iseraele, mme ke tla ba amohella teng, ho rialo Morena Modimo. Hona moo ke tla batla dinyehelo tsa lona tsa dilopotsiya tsa lona, hammoho le dimpho tsohle tsa lona, tse halalelang.


Ke tla se medisetsa dijalo tsa bohlokwa; se ke ke sa hlola se bolawa ke tlala naheng eo ya sona, mme ha se sa tla jara sekgobo sa baditjhaba.


Ke tla ba etsa setjhaba se le seng hodima dithaba tsa naha ya Iseraele. Ba tla buswa ke kgosi e le nngwe kaofela ha bona; e ke ke ya hlola e eba ditjhaba tse pedi, ho hang ba ke ke ba hlola ba ikarola, ba iketsa mebuso e mmedi.


Modimo a nkisa naheng ya Iseraele ka pono, a mpea hodima thaba e telelehadi, eo ka borwa ho yona ho neng ho ena le ho kang mehaho ya motse.


Yaba tshepe, le letsopa, le lethose, le silefera, le kgauta, le tsona di a thuakana, di tshwana le mmoko o seotlong ha ho polwa e le hlabula. Moya wa di fefola, tsa nyamella ruri. Lejwe le ileng la thuakanya setshwantsho la fetoha thabahadi e ileng ya bonahala lefatsheng lohle.


Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e hahilweng hodima yona, e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.


“ ‘Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ