Ezekiele 17:21 - BIBELE21 Baphaphathehi ba hae bohle le mabotho a hae wohle, batho bana kaofela ba tla bolawa ka sabole, masalla a bona a qhalanyetswe hohle lefatsheng, mme le tla tseba hore ke nna Morena ya buileng jwalo.’ ” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)21 Haele ba balehileng bohle ba makgotla wohle a hae, ba tla dihuwa ke lerumo, masala a bona a qhalanyetswe meyeng yohle; le tle le tsebe hoba ho buile nna Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ere ha matsatsi a hao a thibella a fetile, o tjhese sehlopha se le seng sa tsena tse tharo tsa moriri wa hao, o se tjhese o le kahara motse. O nke sehlopha sa bobedi sa moriri wa hao, o o ale ho potapota motse, ebe o o otla ka sabole. Sehlopha sa boraro o se hasanyetse moyeng, mme ke tla se fedisa ka sabole.