Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:17 - BIBELE

17 Esita le Faro, ka lebotho la hae le matla, le ka setjhaba sa hae se sengata, ha a ka ke a mo thusa ka letho ntweng, ha setjhaba sa Babilona se haha marako a thibella le diqhobosheane hore se tle se bolaye batho ba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Esita le Faro, a ke ke a tla mo lwanela ka sera se seholo, leha e le ka setjhaba se sengata, ha ho etswa ditutudu, mme ho hahuwa lerako le potang, hore ho tle ho bolawe batho ba bangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng.


e leng Bakalatiya. Empa matlo ao a tla tlala ditopo tsa banna, bao ke tla ba bolaya ha kgalefo ya ka e tlokoma, ke loloma ke bohale, hobane motse ona ke o patetse sefahleho sa ka, ka baka la bokgopo ba bona bohle.


Ka nako eo lebotho la Faro le ne le tswile Egepeta. Yare ha Bakalatiya, ba neng ba thibeletse Jerusalema, ba utlwela taba tseo, ba tloha Jerusalema.


“Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Le tle le bolelle kgosi ya Juda e le rommeng ho nna, le re: ‘Bona mona, lebotho la Faro le tlileng ho tla le thusa le tla kgutlela Egepeta, naheng ya habo lona.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota.


Re tonne mahlo ra ba ra kgathala, ra lebella thuso, ra se ke ra e bona! Re lebeletse re le hodima ditora, ra lebella tjhaba se sitwa ho re pholosa!


Motse ona o o etsetse thibella, o hahe marako ho o potapota, o hahe ditora, o hlome diahelo tsa ntwa, mme o bee ditshetlo.


Kgosi ya Siria e tla fihla e hahe marako a phahameng ho potapota metse e haheleditsweng, mme e e hape. Bahlabani ba Egepeta ba ke ke ba ema kapele ho kgosi ya Siria, esita le mokgetho wa Egepeta o tla fellwa ke matla.


Ke difate feela tseo le tsebang hore hase difate tse ka jewang, tseo le ka di senyang, mme la di rema; ebe le haha metero ya ho thibella motse oo le lwanang le wona, ho fihlela o ineela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ