Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:15 - BIBELE

15 Empa kgosana e ile ya fetohela kgosi ya Babilona, ya romela maqosa a yona Egepeta, ya kopa hore e thuswe ka dipere le ka bahlabani ba bangata. Na kgosana eo e tla atleha? Na ya etsang tse tjee a ka phonyoha? Na a ka senya selekane yaba o a lopoloha?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:15
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.


Sedekiya a fetohela kgosi Nebukadenesare, ya neng a ile a mo hlapantsha ka Modimo. Empa Sedekiya a satalatsa molala, a thatafatsa pelo ya hae, a se ke a kgutlela ho Morena Modimo wa Iseraele.


Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.


Ba a bokana, ba ipatele nna, ba lalle metsamao ya ka, ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.


Paki ya bohata e tla ahlolwa, ya buang leshano a ke ke a phonyoha.


O re o na le boeletsi le bonatla ntweng, empa polelo ena ke ya molomo feela. Ebe o tshepile mang ha o mphetohetse tjee?


Sedekiya, kgosi ya Juda, a ke ke a phonyoha matsohong a Bakalatiya, empa ho tla neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Babilona. O tla buisana le yona ba tadimane.


Ha o ka ke wa phonyoha matsohong a yona; o tla fela o thopuwe, o bewe matsohong a yona. Kgosi eo ya Babilona o tla e bona ka mahlo a hao, o buisane le yona le tadimane, ebe jwale o iswa Babilona.


Empa haeba o sa ineele ho mahosana a kgosi ya Babilona, ho tla neelanwa ka motse ona matsohong a Bakalatiya, mme ba tla o tjhesa ka mollo. Wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.’ ”


“Basadi ba hao bohle le bana ba hao, ba tla newa Bakalatiya. Wena ha o ka ke wa phonyoha matsohong a bona, o tla thopuwa ke kgosi ya Babilona. Ke baka la hao motse ona o tla tjheswa ka mollo.”


Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.


O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha.


“ ‘Ho no ena le ntsu e nngwe hape e kgolo, e mapheo a maholo, a masiba a mangata; morara wa lebisa metso ya wona ho ntsu eo, le makala a wona a lebiswa ho yona, hore e o nwesetse ka metsi a mangata ho feta kamoo o nwesetswang kateng.


“Ere ho bona Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Morara o jwalo na o ka atleha? Ha o tlo fotholwa ka metso, tholwana tsa wona di hlohlorwe, di omelle? Mahaba a wona wohle a tla omella! Ho o fothola ka metso ho tla ba bobebe, ha ho hloke matla kapa letshwele la batho.


“ ‘Wena kgosana e silafetseng, e kgopo ya Iseraele, letsatsi la kotlo ya hao le se le fihlile, mme bophelo ba hao bo kgopo bo tla fela!


“Wena ngwana motho, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena ka Baamone le mahlapa a bona: “ ‘Sabole! Sabole! E ntshitswe selateng ho bolaya, ya tshotswa hore e timetse, e phatsime sa lehadima.


Hona moo Egepeta o ne a tjhatjhehela baratuwa ba hae, bao botona ba bona bo neng bo tshwana le maqobo a ditonki; bao peo ya bona ya bonna e neng e hoshoha jwaloka ya dipere tsa dipoho.


Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo.’ ”


Ha Baiseraele ba itshwarella ka wena, o ila peperana, wa ba hlaba ka mahafing; ha ba leka ho ikokotlela ka wena, yaba o a robeha, ba tswenetseha matheka.


“Dinoha ting! Madinyane a marabe! Kahlolo ya dihele le tla e phonyoha jwang?


Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: ‘Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.’


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


Re tla ba etsa tjena: Re tla ba tlohela ba phele, esere ra itlisetsa kgalefo, ka baka la kano eo re neng re ba hlapanyetse yona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ