Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:10 - BIBELE

10 Ha o hlongwa sethopo na o tla atleha? Ha o tlo omella, e be lehohorwana, ha moya wa botjhabela o fokela ho wona? O tla omellela moo o lemilweng teng.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bona, o hlomilwe; na o tla atleha na? Na moya wa botjhabela etlare ha o o ama, o ke ke wa omella ruri na? O tla omellela leifong leo o hlomilweng ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora tseo ha mela tse supileng, tse manneng, tse phutsisitsweng ke moya wa botjhabela.


E tla isa Sedekiya kwana Babilona, mme o tla hlola moo ho fihlela ke mo etela,’ ho rialo Morena. ‘Leha o ka lwana le Bakalatiya ha o ka ke wa atleha.’ ”


Ka nako eo ho tla bolellwa batho bana, le Jerusalema, ho thwe: “Moya o omeletseng o tla hlaha, o hlahe tutudung tsa lehlabathe, o fokele tjhabeng sa ka, o etswa lehwatateng; ha e yo ba wa ho olosa, ha e yo ba wa ho fefera,


Lentswe la Morena la fihla ho nna hape, la re:


“Ere ho bona Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Morara o jwalo na o ka atleha? Ha o tlo fotholwa ka metso, tholwana tsa wona di hlohlorwe, di omelle? Mahaba a wona wohle a tla omella! Ho o fothola ka metso ho tla ba bobebe, ha ho hloke matla kapa letshwele la batho.


Efraime yena o itshepetse lelea, o kalakatisa moya wa botjhabela, letsatsi ka leng le mo ekeletsa leshano, letsatsi ka leng le mo ekeletsa tshenyeho. Ba etsa selekane le naha ya Asiria, ole e romelwe naheng ya Egepeta.


Leha a ka atleha hara bana babo, moya o hlahang botjhabela o tla tsoha, moya o tswang ho Morena o tsohe lehwatateng; mohlodi wa Efraime o tla nyamela, sediba sa hae se kopotsang ebe se a psha. Matlo a polokelo ya hae a tla lobelwa, matlotlo wohle a bohlokwa a haptjwe.


A bona sefate sa feiye kathoko ho tsela, a ya ho sona, a mpa a fumana se se na letho, haese mahlaku feela. A re ho sona: “O se hlole o beha ditholwana le ka mohla!” Sefate sa omella hanghang.


Ha ba feta kameso, ba bona sefate sane sa feiye se omeletse ho tloha metsong.


Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe.


Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ