Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:6 - BIBELE

6 “ ‘Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka re ke feta ka wena, ka o bona o sudubane mading a hao, ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao! Ka pheta ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:6
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto.


Ke tla se bea matsohong a batubi ba hao, bona ba ileng ba re ho wena: ‘Paqama fatshe, re tle re o tsamaye hodimo!’ Wa etsa hore mokokotlo wa hao o ke lefatshe, o ke mmila oo ho tsamauwang ho wona.”


Ha o ntse o etsa manyala ana a hao le bootswa bona ba hao, ha o a ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, ha o ne o tsotse, o le feela, o le ditshila ke madi a hao.’ ”


Ha ho le ya mong ya kileng a o hauhela, a o etsetsa dintho tsena, kapa a o utlwela bohloko. Mohla letsatsi la tswalo ya hao wa na wa lahlelwa hara naha, hobane o ne o nyonyeha.


“ ‘Ka etsa hore o hole jwaloka semela sa naha; wa fela wa hola, wa phethahala, wa fetoha morwetsana e motlemotle. Wa tswa diola-molora, wa mela moriri, empa wa sala o ntso tsotse, o le feela.


Ke moo dira tsa ka di tla bona, di bone, di aparelwe ke dihlong, tsona dira tse neng di bua ho nna, di re: “O kae Morena Modimo wa hao?” Ke tla bona ha di hatakelwa ka maoto, di hatakelwa sa qhafutso diterateng.


“Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.


Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


Ruri ke bone tshotleho ya setjhaba sa ka se Egepeta, ke utlwile ho dumaela ha sona, mme ke theohetse lefatsheng ke hona ho tla se lopolla; jwale tloo, ke tla o roma Egepeta.’


O itse ho Moshe: “Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke utlwele bohloko eo ke mo utlwelang bohloko.”


“Hoba Morena a ba leleke kapele ho lona, le se ke la re ka dipelong tsa lona: ‘Ke ka baka la ho loka ha ka Morena a mphihlisitseng naheng ena hore e be ya ka.’ Ke ka lebaka la bokgopo ba ditjhaba tsena, Morena a di lelekang kapele ho lona.


Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!


Setlhotlelo seo sa hatikelwa se le kantle ho motse, mme sa tswa madi a ileng a phutsalla sebakeng se ka etsang dikilomethara tse makgolo a mararo, botebo ba wona e le bo ka fihlang ditomong tsa dipere.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ