Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:5 - BIBELE

5 Ha ho le ya mong ya kileng a o hauhela, a o etsetsa dintho tsena, kapa a o utlwela bohloko. Mohla letsatsi la tswalo ya hao wa na wa lahlelwa hara naha, hobane o ne o nyonyeha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ha ho a ka ha eba motho eo leihlo la hae le o utlwetseng bohloko, ho o etsa le e nngwe ya tseo, le ho o etsetsa ka mohau; wa mpa wa lahlelwa phenyoleng; bophelo ba hao bo kgesitswe mohla o tswalwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:5
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kahoo a re ho Aborahama: “Leleka mosadi enwa wa lekgoba le mora wa hae, hobane mora wa mosadi enwa wa lekgoba e ke ke ya eba mojalefa le mora wa ka Isaka.”


Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.”


“Na mosadi a ka lebala lesea leo a le anyesang, a se ka hauhela ngwana wa popelo ya hae? Leha yena a ka lebala, nna ha nka ke ka o lebala!”


Phupu ya hae e tla tshwana le ya tonki, a hulanngwe, a lahlelwe kantle, a akgelwe thoko ho kgoro tsa Jerusalema.”


Mahlo a ka a foufaditswe, a foufatswa ke dikeledi, moya wa ka o ferekane haholo, bohloko ba pelo ya ka bo tsholohela fatshe, ka baka la ho timetswa ha setjhaba sa heso, ka baka la ho timetswa ha bana le masea, ba timetswa ba le diterateng tsa motse.


Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle.


Basadi ba nang le motlopotlo wa ho tswala, ka matsoho a bona ba apeha bana ba bona; ba ba apeha, ya eba dijo tsa bona, nakong ya ha tjhaba sa heso se timetswa.


Phokojwe le tsona di ye di nyantshe, di ye di nyantshe madinyane a tsona; empa tjhaba sa heso se sehloho haholo, se tshwana le dimpshe tsa lehwatata!


“ ‘Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!”


Ha e le wena ngwana motho, o se ke wa se tshaba, kapa wa tshoha dipolelo tsa sona. O se ke wa se tshaba leha o ka teelwa hare ke tshehlo le meutlwa, wa phela hara diphepheng. O se ke wa tshaba seo se se buang kapa sa o tshosa, le hoja e le setjhaba sa bafetohedi.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


“A na a mo fumana a lelera lehwatateng, feelleng le bodutu la dipukupuku; a mo sireletsa, a mo baballa, a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ