Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:47 - BIBELE

47 Empa wena ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya bona, leha e le ho etsa diketso tsa bona tse manyala; feela e ne eka ke ntho e nyenyane ho wena ha mekgwa ya hao yohle e bodile ho feta ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Ha o a ka wa tsamaya ka metsamao ya bona feela, leha e le ho etsa ka manyala a bona; teng, wa re, ho honyenyane, wa ba wa ba feta ka ho itshenya metsamaong yohle ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:47
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A fumana eka ke ntho e fokolang ho etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, hoo a bileng a nyala Jesabele, moradi wa Etebaale, kgosi ya Basidone, mme a ya sebeletsa Baale, a mo kgumamela.


Kantle ho sebe seo a entseng hore ba morabe wa Juda ba se etse, Manase o entse bobe mahlong a Morena, a tsholla madi a mangata a se nang molato, hoo a ileng a phalla kahohle motseng wa Jerusalema.


Empa ha ba a ka ba mamela; Manase a ba kgelosa, mme ba etsa bobe bo fetang le ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.


Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: ‘O tla kgutlela ho nna!’ Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena.


Iseraele ya hlokang botshepehi ka mo hlala, ka ba ka mo nea lengolo la tlhalo, ka baka la tsohle tsa bokwenehi ba hae, le tsa bohlola boo a bo entseng, empa Juda, kgaitsedi ya Iseraele e hlokang botshepehi, ha a a ka a tshaba, yaba le yena o etsa bootswa.


Ruri ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, moena wa hao Sodoma, esita le baradi ba hae, ha ba a ka ba etsa seo wena le baradi ba hao le se entseng.


Samaria ha e a etsa le halofo ya dibe tseo o di entseng, empa wena o entse manyala a mangata ho feta a Samaria, wa etsa hore manyala a bana beno a tadimehe e se letho ha a bapiswa le ao o a entseng.


Jara sekgobo sa dibe tsa hao, hobane o entse hore e ka bana beno ba lokile ho o feta. Dibe tsa hao di nyonyeha ho feta tsa bona, hoo ekang ba lokile ho o feta. Ka baka leo, swaba, o hlajwe ke dihlong, hobane o entse hore e ke ba lokile ho o feta.’ ”


Jwale Morena a re ho nna: “Wena ngwana motho, na seo o a se bona? Ebe ke ntho e se nang taba ha ba ntlo ya Juda ba etsa manyala aa, ao ba a etsang moo? Naha ena ba e tlatsitse meferefere, ba ba ba mphephetsa hore ke be ke halefe, ba nnyedisa ka diketso tsa bona.


Ha e le nnete, ho utlwahala hore bohlola bo teng hara lona. Ke bohlola ba mofuta o ke keng wa eba teng le hara bahedene, e leng ba motho ya kenelang mohatsa ntatae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ