Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:44 - BIBELE

44 “ ‘Motho ka mong ya sebedisang maele, ha a bua ka wena Jerusalema, o tla sebedisa maele a reng: “Ngwana tadi o tsejwa ka mereto.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Bona, mang le mang ya etsang maele, o tla etsa le leng ka wena, a re: Moradi o futsitse mmae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:44
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Akabe a utlwa hore Nabote o shwele, a ema, a theohela tshimong ya morara ya Nabote wa Mojesereele, a inkela yona.


Ba tjhesetsa mokubetso hona teng, jwalokaha ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bona di ne di etsa. Ba etsa dintho tse mpe, mme ba halefisa Morena.


Ba hana ditaelo, ba kwenehela selekane seo Morena a neng a se etse le bo-ntata bona, le ditemoso tsa hae, tseo a neng a ba lemose ka tsona. Ba latela mafeela, mme le bona ba fetoha mafeela. Ba etsisa bahetene ba neng ba ahelane le bona, athe Morena o ne a ile a ba laela hore ba se ke ba ba etsisa.


Empa ha ba a ka ba mamela; Manase a ba kgelosa, mme ba etsa bobe bo fetang le ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.


Ha dintho tsena di se di phethilwe, baetapele ba tla ho nna, ba re: “Setjhaba sa Iseraele, le baprista, le Balevi ha ba ya ikgetholla ho baahi ba dinaha tsena; ba etsa manyala a etswang ke Bakanana, le Bahete, le Baperise, le Bajebuse, le Baamone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


“Wena ngwana motho, ke puo nngwe eo le e buang naheng ee ya Iseraele, puo e reng: ‘Matsatsi a a lelefala, pono e nngwe le e nngwe e fetoha lefeela’?


Ka baka leo, ba bolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Puo ena ke tla e fedisa, mme ha e sa tla hlola e buuwa naheng ena ya Iseraele.’ Empa ba bolelle, o re: ‘Matsatsi a atametse ao ka wona pono e nngwe le e nngwe e tla phethahatswa.


o re: ‘Morena Modimo o bua tjena ho Jerusalema: Moo o hlahetseng teng, moo o tswaletsweng teng, ke naheng ya Kanana. Ntatao e ne e le Moamore, mmao yena e le Mohete.


O fela o le moradi wa mmao kannete, yena ya neng a nyonya monna wa hae le bana ba hae. O tshwana hantle le bana beno, ba neng ba nyonya banna ba bona le bana ba bona. Mma lona e ne e le Mohete, ntata lona yena e le Moamore.


Jwalokaha maele a baholoholo a bolela: ‘Bokgopo bo etswa ke ba kgopo,’ empa nna nke ke ka o isa letsoho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ