Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:39 - BIBELE

39 Ke tla neelana ka wena matsohong a baratuwa bao ba hao, ba heletse dibaka tseo o etsetsang bootswa ho tsona, le dibaka tsa hao tsa borapedi. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao, ba o siye o tsotse, o le feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Ke tla o neela bona matsohong; ba tla diha meaho ya hao e didikwadikwe, ba heletse dinqalo tse diphahameng tsa hao; ba tla o hlobodisa diaparo, ba nke mekgabo ya hao, ba o tlohele hona moo, o le feela, o hlobotse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:39
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molato wa Jakobo o tla hlakolwa tjena, ena e be tsela ya ho fedisa sebe sa hae: Ha a fedisa dialetare tsohle tsa majwe, a di sila, a di etsa thuethue sa phofo ya mokwetla, medimo ya bohata, le tshwantsho tsa Ashera, di se di le siyo.


Ha o ne o haha dibaka tsa borapedi mateanong a ditsela, le mabaleng wohle, o ne o sa ke seotswa, hobane o ne o sa batle tjhelete.


Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao.


Ba tla o phedisa ka lehloyo, ba o amohe tsohle tseo o itshebeleditseng tsona, ba o siye o tsotse, o le feela, mme dihlong tsa bootswa ba hao di bonahale. Bokgopo le bootswa ba hao


Ho seng jwalo ke tla mo tsodisa, a be poosho sa mohla a tswalwang; ke mo etse hore a ke lehwatata, ke mo fetole e be sebataolo, ke mmolaye ka ho mmolaisa lenyora.


Mma bona a na a iketsa seotswa, a itlontlolla ha a ba emola, a re: ‘Ke tla ikela le medingwana ya ka, yona e mphang dijo, e mphe le metsi, e mphang boya, e mphe le motsitla, e mphang ole, e mphe le dino tsa ka.’


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ