Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:36 - BIBELE

36 Morena Modimo o bua tjena: Erekaha o hafakile ditjhelete tsa hao, wa pepesa bofeela ba hao, ha o ne o etsa bootswa le baratuwa ba hao, le medingwana ya hao e manyala, eo o e etseditseng sehlabelo ka bara ba hao;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Morena Jehova o re: Erekaha o lahlile tjhelete tsa hao feela, mme bofeela ba hao bo kile ba apolwa bootsweng ba hao, ha o ena le barati ba hao; hape, ka baka la ditshwantsho tsohle tsa hao tse manyala, le la madi a bara ba hao bao o ba neetseng tsona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:36
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.


Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana.


Aparong tsa hao madi a fumanwe, madi a bafumanehi ba se nang molato, e seng madi a mashodu, dithuamatlo.


Tshila tsa Jerusalema di kgomaretse, di kgomaretse aparong tsa yona, ha e a ka inahanela pheletso ya yona. Ho wa ha yona e bile ho makatsang, ha ho a ba le ya mong ya e tshedisang. “Oho, Morena, ako bone matshwenyeho a ka, sera ke sena kajeno se a ithorisa!”


“ ‘Ka baka leo, wena seotswa towe! utlwa lentswe la Morena.


bokgopo ba hao bo eso pepeswe. Empa jwale o tshwana le Sodoma hantle, o fetohile sesomo ho Baarame le ho Bafilesita, esita le ho ba ahisaneng le wena, ba o hloileng.


Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.


Ke tla o qhalanyetsa hara baditjhaba, ke o qhalanyetse le dinaheng tse ding, mme ke fedise ho silafala ha hao.


Ba ile ba mo tsodisa, ba nka bara le baradi ba hae, yena ba mmolaya ka sabole. O ile a fetoha pale hara basadi, mme kotlo ya mo wela hodimo.


Ha a ntse a tswela pele ho etsetsa bootswa ba hae pepeneneng, a pepesa bofeela ba hae, ke ile ka mo nyonya, ka ba ka mo furalla, jwalokaha ke ile ka furalla ngwanabo.


Ba tla o phedisa ka lehloyo, ba o amohe tsohle tseo o itshebeleditseng tsona, ba o siye o tsotse, o le feela, mme dihlong tsa bootswa ba hao di bonahale. Bokgopo le bootswa ba hao


Ba entse bohlola, ba kganathetse madi matsohong. Ba entse bohlola le medingwana ya bona ya bohata; ba bile ba etseditse medingwana eo mahlabelo a setjheso ka bana bao ba ntswaletseng bona.


Ha a a ka a tlohela bootswa boo a bo qadileng Egepeta, ha banna ba ne ba robala le yena a sa le motjha, ba tsikinyetsa ditlhoko tsa matswele a hae, ba tshollela ditakatso tsa bona hodima hae.


“ ‘Ditshila tsa hao ke bokgopo, hobane ke lekile ho o hlwekisa, empa ditshila tseo tsa hao ha di a ka tsa tloha. O ke ke wa hlola o hlweka ho fihlela kgalefo ya ka e kokobela.


Kahoo ke ile ka hlatsetsa kgalefo ya ka hodima sona ka baka la madi ao se ileng sa a tsholla kahara naha, le ka baka la medingwana ya sona, eo se silafaditseng naha ka yona.


Ke tla le fafatsa ka metsi a hlwekileng, mme le tla hlweka; ke le hlwekise ditshileng tsohle tsa lona, le medingwana yohle ya lona ya bohata ke e tlose.


O madimabe motse wa Jerusalema, motse wa batlatlapi, motse wa bafetohedi o silafetseng!


Jwale ke o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, e le hore o tle o rue. O ithekele le diaparo tse tshweu, e le hore o ikapese, bofeela ba hao bo dihlong bo tle bo se ke ba bonahala. O ithekele le setlolo sa mahlo, e le hore o tle o boele o bone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ