Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:27 - BIBELE

27 “ ‘Jwale ke otlolletse letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka neelana ka wena matsohong a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesita, bao mekgwa ya hao ya bootswa e neng e ba hlabisa dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba ke otlollela letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka o neela matleng a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesta, ba neng ba le dihlong ka metsamao ya hao e ditshila.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:27
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a neella Jehoyakime ka mabothwana a Bakalatiya, le a Baarame, le a Bamoabe, le a Baamone; a a romela Juda, ho ya e timetsa, mme ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka bahlanka ba hae, baporofeta.


A ba neela matsohong a baditjhaba, ba buswe ke ba ba hloileng.


Bonang Morena, Morena mabotho, o kgatheng la ho amoha Jerusalema le Juda, tsohle tseo di iphedisang ka tsona, a di amohe dijo tsohle le metsi wohle.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Baarame ba tswang botjhabela, le Bafilesita ba tswang bophirimela, ba kwentse Baiseraele bokwiditane: Leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Kahoo Morena ha a sa tla thabela batjha ba bona, dikgutsana le bahlolohadi ha a sa ba utlwela bohloko, hobane bohle ba kgopo, ke baetsadibe. Molomo wa e mong le e mong o a nyefola, leha ho le jwalo kgalefo ya hae ha e a kokobela, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


“Ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaya, e leng matsohong a bahlabani ba kgosi ya Babilona ba ileng ba kokotoloha, ba kgutlela hae.


“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


ka baka leo, ke tla phutha baratuwa ba hao bohle, bao o neng o ithabisa le bona; bohle bao o neng o ba rata, le bohle bao o neng o ba hloile. Ke tla ba bokella, ba o etsetse sakana-la-nkope, ke ba pepesetse bofeela ba hao, hore ba o bonele.


Empa wena ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya bona, leha e le ho etsa diketso tsa bona tse manyala; feela e ne eka ke ntho e nyenyane ho wena ha mekgwa ya hao yohle e bodile ho feta ya bona.


bokgopo ba hao bo eso pepeswe. Empa jwale o tshwana le Sodoma hantle, o fetohile sesomo ho Baarame le ho Bafilesita, esita le ho ba ahisaneng le wena, ba o hloileng.


“Ka baka lena, wena Oholeba, Morena Modimo o bua tjena: Ke tla o qabanya le baratuwa ba hao, bao o ba nyonyang, o ba furaletseng; ke tla etsa hore ba o futuhele ba etswa hohle.


Ke tla o halefela haholo, mme le bona ba tla o halefela haholo. Ba tla o shoqola dinko le ditsebe, masalla a hao ba a bolaye ka sabole. Ba tla thopa bara le baradi ba hao, ba tjhese masalla a hao ka mollo.


Mohla tsatsi leo ke tla otla, ke otle bohle ba o hateletseng; ke tla pholosa ba holofetseng, ke phuthe ba neng ba qhalakane. Hohle moo ba neng ba tlontlolotswe teng, thabo le tlotla di tla ba aparela.


Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ