Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:25 - BIBELE

25 Mateanong wohle a ditsela o ile wa haha dibaka tsa borapedi, wa tlontlolla botle ba hao, wa ipeketlela bohle ba fetang ka tsela, wa totisa bootswa ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao makopanong wohle a ditsela, wa senya botle ba hao, wa phetlela bohle ba fetang ka tsela maoto a hao, wa atisa bootswa ba hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:25
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a hlobola diaparo tsa hae tsa bohlolohadi, a ikgurumetsa ka lesira, a ithatela ka lona, mme a dula kgorong ya Enaime, e tseleng e yang Timina. Tamare o ne a se a bone hore Shela o hodile, empa o ne a eso mo newe hore e be mosadi wa hae.


A botsa banna ba sebaka seo, a re: “Seotswa sela se neng se le Enaime, pela tsela, se kae?” Ba araba, ba re: “Ha ho seotswa se kileng sa eba mona.”


Ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, Morena o tla hopola Tire. Jwaloka seotswa sena Tire e tla boela kgwebong ya yona, e sebedisane le mebuso yohle e teng lefatsheng.


Fahleho tsa tsona di a di qosa, di ipoletse sebe sa tsona jwaloka Sodoma, le ho se pata di sitwa ho se pata. Di madimabe hakaakang! Koduwa ena di imemetse yona!


“Moratuwa o etsang ka tempeleng ya ka, ha e le moo a rera merero ya bolotsana? Ebe nama tsa mahlabelo di ka o phemisa kotlo ya hao? Ha o etsa bokgopo eba jwale o a thaba!”


“Phahamisa mahlo o tadime maralleng; ke kae moo o sa kang wa etsa bootswa teng? O ila emela banna kathoko ho tsela, wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng. O silafaditse naha ka bootswa ba hao, wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao.


Empa jwaloka mosadi ya hlokang botshepehi, a bo hloke a ba a tlohele monna, le lona ba ntlo ya Iseraele le ntlohetse le ntlhoketse botshepehi.” ho rialo Morena.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.


“ ‘Empa o ile wa tshepa botle ba hao, botumo ba hao ba o fetola seotswa, wa etsa bohlola le bohle ba fetang ka tsela, wa ba wa bona.


Ha o ne o haha dibaka tsa borapedi mateanong a ditsela, le mabaleng wohle, o ne o sa ke seotswa, hobane o ne o sa batle tjhelete.


“Morena Modimo o bua tjena: “O tla nwa mohope wa ngwaneno, mohope o moholo, mohope o mothamo; ba tla o soma, ba o tlepe ditsheho, hoba mohope oo o tletse dikenkeng.


Ninife e otlwa jwalo hobane e le seotswa, boloi ba yona bo ke ke ba ba ba bolelwa, ka bootswa ba yona e hohela ditjhaba, ka boloi ba yona e fetole merabe makgoba.


Dinaka tse leshome tseo o di boneng hodima sebatana, le sona sebatana, di tla hloya seotswa, di se amohe tsohle, di se hlobodise. Di tla ja nama ya sona, di se tjhese mollong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ