Hodima maralla wohle a phahameng, le katlasa difate tsohle tse talana, ba ikgahela dibaka tsa borapedi, ba iketsetsa difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera.
Jehorame a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona dithabeng tsa Juda, a ba a etsa hore baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, a kgelosa setjhaba sa Juda.
Metseng yohle ya naha ya Juda a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hore ho tjhesetswe medimo ena mokubetso ho tsona, mme ka hona a halefisa Morena Modimo wa bo-ntatae.
Le sebeletsa medimo ya bohata ka ho etsa bohlola, le bo etsa le le tlasa difate tse talana, ka dikgohlong le ka mahaheng le etsa mahlabelo a setjheso ka bana ba lona.
Palo ya medimo ya lona, lona baahi ba Juda, e kaalo ka palo ya metse ya lona; le palo ya dialetare tseo le di hahetseng ntho e hlabisang dihlong ena, e kaalo ka palo ya diterata tsa Jerusalema, e leng dialetare tseo ho tsona le tjhesetsang Baale mokubetso.
Thaba ya ka le naha e e potileng, maruo le matlotlo wohle a lona, tsena ke tla fana ka tsona e be lelobelo, ke fane ka dibaka tsa lona, baka tsa lona tsa borapedi, ka baka la sebe se entsweng naheng ena yohle.
“Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.
“Phahamisa mahlo o tadime maralleng; ke kae moo o sa kang wa etsa bootswa teng? O ila emela banna kathoko ho tsela, wa ba lalla sa Moarabia lehwatateng. O silafaditse naha ka bootswa ba hao, wa e silafatsa le ka bokgopo ba hao.
Ke tla neelana ka wena matsohong a baratuwa bao ba hao, ba heletse dibaka tseo o etsetsang bootswa ho tsona, le dibaka tsa hao tsa borapedi. Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao, ba nke le mabenyane a hao, ba o siye o tsotse, o le feela.
Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.