Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:23 - BIBELE

23 “ ‘O madimabe! O madimabe hakaakang! ho rialo Morena Modimo. Hoba o etse bobe bona bohle ba hao,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 ho madimabe, ho madimabe wena, ho rialo Morena Jehova!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:23
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bofebe ba hao ke bo bone hantle, le ho lla ha hao ho kang ha pere e palesitse! Ke bone diketso tsa bootswa ba hao, le manyala a hao hodima maralla le masimong. O madimabe hakaakang, wena Jerusalema! O tla ba sesila ho fihlela neng?”


o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe basadi ba rwesang batho dithotho tsa boloi manonyeletsong a matsoho a bona, ba rwesang ba baholo le ba banyenyane masira dihloohong tsa bona, e le hore ba hohele batho! Na le tla timetsa bophelo ba setjhaba sa ka, ebe ba lona le a bo baballa?


Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe baporofeta ba dithoto, ba porofetang tsa bona, empa ba sa bona letho!


Ha o ntse o etsa manyala ana a hao le bootswa bona ba hao, ha o a ka wa hopola matsatsi a botjha ba hao, ha o ne o tsotse, o le feela, o le ditshila ke madi a hao.’ ”


o ile wa ikgahela dibaka tsa borapedi mabaleng wohle.


eo le ileng la e phetla kapele ho nna. Ka mahlakoreng a yona a mabedi ho ne ho ngotswe mantswe a kodi-ya-malla, a bofifi le a bomadimabe.


“ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ho madimabe motse o tshollang madi, o kang pitsa e tletseng mafoome, pitsa e sa ke be e falwe! Tshola maqa a ka pitseng, o a tshole ka bonngwe, o a tshole o sa a laole ka lotho.


O madimabe motse wa Jerusalema, motse wa batlatlapi, motse wa bafetohedi o silafetseng!


A re: “O madimabe, wena Korasine! O madimabe, wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba itshetse ka molora.


Kahoo thabang, lona mahodimo, le lona ba ahileng ho wona. Ho madimabe lona lefatshe le lewatle, hobane Diabolosi o theohetse ho lona ka bohale bo boholo, a tseba hore nako ya hae e se e le kgutshwanyane.”


Ka tadima, mme ka utlwa lentswe la ntsu e fofang hodimodimo sebakeng, e bua ka lentswe le phahameng, e re: “Ho madimabe! Ho madimabe! Ho madimabe baahi ba lefatshe, ka baka la medumo ya diterompeta tseo mangeloi a mang a mararo a seng a tla di letsa!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ