Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:21 - BIBELE

21 hoo o bileng wa bolaya bana ba ka, mme ka bona wa etsetsa medingwana eo setjheso?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ha o bile wa hlaba bara ba hao, wa ba ntshetsa tsona hore ba tjheswe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:21
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba bona le ka baradi ba bona; ba sebedisa bonohe le boloi, ba etsa bokgopo mahlong a Morena, hore ba mo halefise.


A etsa sehlabelo sa setjheso ka mora wa hae, a sebedisa boloi, le bonohe, mme a sebedisana le mathuela, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


A silafatsa Tofete e ka kgohlong ya bana ba Hinome, e le hore ho se be motho ya ka etsetsang Moloke sehlabelo sa setjheso ka mora kapa ka moradi wa hae.


A tjhesetsa le mokubetso ka kgohlong ya mora wa Hinome, a etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ho latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ile a ba leleka kapele ho bana ba Iseraele.


Ba etsetsa bademona mahlabelo, ka bara le baradi ba bona.


“Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.”


Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana.


Ka ba tlohela ba itshilafatsa ka dimpho tsa bona, ba etsa sehlabelo sa setjheso ka matsibolo a bona, e le hore ba tle ba tshabe, mme ba tsebe hore ke nna Morena.’


“ ‘O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena.


Hara lona ho se fumanwe le ya mong ya fetisang mora wa hae kapa moradi wa hae hara mollo, ya sebedisang bohohe; eo e leng molepi wa dinako, kapa senohe, kapa moloi,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ