Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:19 - BIBELE

19 Wa e nyehella le ka dijo tsa ka, tseo ke o fileng tsona hore o di je, e leng tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi, le ole, hore e be mokubetso o monko o monate. Tsena ke tsona tse ileng tsa etsahala, ho rialo Morena Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le tsona dijo tsa ka tseo ke neng ke o neile tsona, e le lefi la phofo, le ole, le dinotshi tseo ke neng ke o fepa ka tsona, wa di bea pela tsona ho di etsa monko o monate. Ha eba jwalo: ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:19
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.


Ho tloha botjheng ba rona bo-Baale ba jele, ba eja tse sebeditsweng ka thata ke bo-ntata rona: Mehlape ya dikgutshwane le mehlape ya dikgomo, bara ba bona le baradi ba bona.


Kahoo o no tlatlapetse mekgabiso ya kgauta le ya silefera, diaparo tsa hao e le tsa lene e ntle le tsa sileka e homilweng. Dijo tsa hao e ne e le tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi le ole. Wa ba motle ka ho fetisisa, wa atleha, wa ba wa ba mofumahadi.


Wa nka diaparo tsa hao tse homilweng, wa e apesa tsona, wa e nyehella ka ole ya ka le ka mokubetso wa ka.


Ba ne ba ikgantsha ka mekgabiso ya bona e metle, eo ka yona ba ileng ba iketsetsa medingwana ya bona e nyonyehang. Ka baka lena, ke e fetotse ditshila.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ