Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 15:8 - BIBELE

8 Naha ke tla e fetola, e be nanaola, hobane ba ile ba ntlhokela botshepehi, Morena Modimo o bua jwalo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Haele lefatshe, ke tla le senya, hobane ba entse bolotsana; ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 15:8
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haeba le sa kgahle monga lona, e leng yena ya ikgethetseng lona, o tla dumela hore le lopollwe, empa a ke ke a ba le matla a ho le rekisa ho baditjhaba, hobane o le thetsitse.


Yaba ke re: “Morena, e tla ba ho fihlela neng?” Morena a araba, a re: “Ho fihlela metse e fetoha dithako, e sala e se na baahi, matlo a sala a le feela, naha e senngwa, e fetoha nahathothe;


Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


Ke tla mo tjhehela leraba le tla mo tshwasa, ke mo ise Babilona, mme hona moo ke mo ahlolele ho se tshepahale ha hae ka ho mphetohela.


Ha ke se ke fetotse naha nanaola, e le lefeella, ka baka la manyala wohle ao ba a entseng, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.’ ”


Ha ba se ba phela ka kgotso naheng ya bona, ho se ya ba tshosang, ba tla lebala dihlong tsa bona, le ditshito tsohle tseo ba ileng ba ntshitelwa ka tsona.


Ke tla otlolla letsoho la ka hodima bona, naha ke e fetole nanaola ho tloha lehwatateng le ka Borwa ho ya Ribela, hohle moo ba phelang teng. Ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona, esita le yona kgauta, tsena ha di ka ke tsa tseba ho ba pholosa. Kgalefo ya Morena e tukang malakabe, e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle. Baahi bohle ba lefatshe o tla ba timetsa, a ba timetse hang, ka ho panya ha ntshi.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ