Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 15:2 - BIBELE

2 “Wena ngwana motho, fate sa morara se feta fate tse ding kang? Kala la wona le feta la fate tsa moru jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mora motho, sefate sa morara se feta difate tsohle tse ding kang, ke bolela lekala la morara le medileng hara difate tsa moru?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 15:2
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sefate sa feiye se beha tholwana tsa sona, morara o a thunya, ho nkga hamonate. Ema, wena moratuwa wa ka, wena botlenyana wa ka, itlele re tsamaye.”


Re tshwasetseng diphokojwe le diphokojwana, tsona tse senyang masimo a rona a morara, hoba jwale morara wa rona o thuntse.


Ka theohela ka serapeng sa fate tsa ditholwana, ho hlahloba tse melang botjha kahara kgohlo, ho bona hore na morara o so fupile, na dikgarenate tsona di se di thuntse.


A re tsohelle rapeng tsa morara, re yo bona hore na morara o so fupile, na thunthung tsa wona di se di hlahile, na dikgarenate di se di thuntse na. Lerato ke tla o abela lona re le moo.


Binang ka nyakallo, lona mahodimo, hobane tsena Morena o di entse; howeletsang lona dikgohlo tsa lefatshe, lona dithaba binang haholo, le lona meru le fate tsohle tse ho lona, hobane Morena o lopolotse Jakobo, o bonahaditse tlotla ya hae, a e bonahatsa ka Iseraele.


Ke ne ke o hlomme sa morara o motlemotle, sa morara o jetsweng ka peo e butswitseng; jwale o ile wa mphuralla jwang, wa fetoha hlahlaane ya morara wa naha?


Na ebe lehong la sefate sa morara le ka sebediswa ho etsa ntho ya bohlokwa? Na ebe ka lona ho ka etswa semapo, hodima sona yaba phahlo di a fanyehwa?


Empa sa fotholwa ka kgalefo, sa fotholwa, sa dihelwa fatshe; moya wa botjhabela wa omeletsa tholwana tsa sona, makala a sona a nyantseng a ba a robeha, a omella, mollo wa a tjhesa, wa a fedisa.


Iseraele ke morara o holang haholo; ha tholwana tsa hae di ntse di eketseha, dialetare tsa hae le tsona di a eketseha. Ha mobu wa hae o atlehisa dijalo, le yena o ntlafatsa difika, fika tse kgumamelwang.


Ka baka la lona Sione e tla lengwa, e lengwe jwalokaha tshimo e lengwa, Jerusalema e fetohe, e be masupi, thaba ya Tempele e ririellane difate.


Wena fate sa phaena, bokolla, o lle hobane kedare e robehile, difate tse bohehang di suhlamane! Lona eike tsa Bashane bokollang hobane moru o opaneng o kgethutswe!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ