Ezekiele 14:3 - BIBELE3 “Wena ngwana motho, batho bana ba rapela medingwana ya bohata ka dipelong tsa bona. Ba beile sekgopi sa dibe tsa bona kapele ho difahleho tsa bona. Na nka dumela hore ba tlo mpotsa? အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)3 Mora motho, banna bana ba kgomaretse ditshwantsho tsa bona ka dipelo tsa bona, ba beile lebaka la kgopiso la bokgopo ba bona maloka le bona: Hleka nka dumela ho botswa ke bona na? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ka lebaka lena, bua le bona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha Moiseraele ofe kapa ofe ya rapelang modingwana wa bohata ka pelong ya hae, ya beang sekgopi sa dibe tsa hae kapele ho sefahleho sa hae, a etla ho moporofeta, ke nna Morena ya tla mo arabela, ho latela bongata ba medingwana ya hae ya bohata.
“ ‘Ha motho ofe kapa ofe wa setjhaba sa Iseraele, kapa ofe le ofe wa baditjhaba, ya jakileng naheng ya Iseraele, ya ikarohanyang le nna, ya rapelang medingwana ya bohata ka pelong ya hae, a bea sekgopi sa sebe sa hae kapele ho sefahleho sa hae, mme a eya ho moporofeta ho ya mmotsa, ke nna Morena ka sebele ya tla mo araba.
Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.
Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.