Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:23 - BIBELE

23 Le tla tshediseha ha le bona boitshwaro ba bona, le diketso tsa bona, hobane le tla be le tseba hore tsena di entswe ke nna ka mabaka, ho rialo Morena Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ba tla le tshedisa, hobane le tla bona metsamao le mesebetsi ya bona, le tle le tsebe hoba hase feela ha ke mo etsa tsohle tseo ke mo etsang tsona: ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:23
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tsohle tse re hlahetseng o sebeditse ka toka, o tshepahetse haholo, rona re entse bokgopo.


O tla binela batho, ebe o re ho bona: ‘Ke entse sebe, ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa.


Jwaloka serobele se phuphuselang, kapa lefokotsane le okaokelang, motho ha a silafatswe ke thohako ya lefeela.


e le hore o tle o jare sekgobo sa dibe tsa hao, o hlajwe ke dihlong, ka baka la tsohle tseo o di entseng ha o ne o ba tshedisa.


Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo.


Kgosi e tla lla, kgosana e aparelwe ke maswabi, matsoho a setjhaba a tla thothomela. Ke tla ba ahlola ho ya ka boitshwaro ba bona, ke ba ahlole ho ya kamoo ba ileng ba ahlola ba bang kateng. Jwale ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Ka baka leo, Morena o nnile a thisisa koduwa ena, empa jwale o e dihetse hodima rona. Morena Modimo wa rona o etsa tsohle ka ho loka, empa rona ha re a ka ra mamela lentswe la hae.


“Oho, Morena, o lokile, empa rona re hlajwa ke dihlong kajeno, rona banna ba Juda, le baahi ba Jerusalema le Baiseraele bohle ba haufi le ba hole, ba dinaheng tsohle tseo o ba qhalanyeditseng ho tsona ka baka la ho o hlokela botshepehi.


“ ‘Batho bao ba masalla ba tla ipolela makgopo a bona, le makgopo a bo-ntata bona, le ditshito tsa bona tseo ba ntshitetsweng ka tsona; le hore ba ile ba ntwantsha.


Le nna he, ke ile ka ba lwantsha, ka ba tlisa naheng ya dira tsa bona. Empa haeba dipelo tsa bona tse thatathata di ka ikokobetsa, mme ba dumela ho otlelwa makgopo a bona,


Empa ka baka la bothata ba pelo ya hao e sa bakeng, o ikekeletsa kgalefo mohla letsatsi leo ka lona Modimo a tla bonahatsa kgalefo ya hae le kahlolo ya hae e lokileng.


Le hopole leeto lohle leo Morena Modimo wa lona, a le tsamaisitseng lona lehwatateng ka dilemo tsena tse mashome a mane. O ile a le kokobetsa, a le leka, hore a bone se ka dipelong tsa lona, hore na le tla boloka melao ya hae kapa tjhe.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, Morena? Ke mang ya ke keng a tlotlisa bitso la hao? Hobane ke wena feela ya halalelang. Ditjhaba tsohle di tla tla, di o kgumamele, hobane dikahlolo tsa hao di bonahaditswe.”


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ