Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:22 - BIBELE

22 Empa ho tla ba le masalla, e leng bara le baradi ba tla ntshwa Jerusalema. Ba tla tla ho lona, mme etlare ha le bona boitshwaro ba bona le diketso tsa bona le tshedisehe mabapa le koduwa eo ke e dihetseng hodima Jerusalema, e leng dikoduwa tsohle tseo ke di dihetseng hodima yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 bonang, leha ho le jwalo, ho tla siuwa teng ba phonyohileng, e leng bara le baradi ba tlang ho ntshetswa kantle; bonang, ba tla tswela ho tla ho lona, mme le tla bona metsamao le mesebetsi ya bona, le tshedisehe bakeng sa bobe bohle boo ke bo tlisetsang Jerusalema, e leng tsohle tseo ke mo tlisetsang tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:22
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ileng ba phonyoha saboleng a ba thopa, a ba isa Babilona, moo e ileng ya eba bahlanka ba hae, le ba bara ba hae, ho fihlela puso e nkwa ke Peresiya.


Ho tla ba jwalo lefatsheng, hara ditjhaba, ho be jwaloka fate sa mohlwaare ha se hlohlorwa, ho kgwahlapiswa morara o setseng ha ho kotulwa.


Leha ho ka sala a le mong ho ba leshome, le yena o tla fediswa jwaloka sefate se seholo, a fediswe jwaloka fate sa eike, seo kutu ya sona e salang ha se rengwa. Kutu ya sona ke peo e halalelang.”


Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”


Morena o bua tjena: “Lefatshe lohle le tla senyeha, empa ha ke na ho le timeletsa ruri.


Etlare ha batho ba botsa, ba re: ‘Ke ka baka lang ha Morena Modimo wa rona, a entse tsee tsohle ho rona?’ Wena o tla ba bolella hore Modimo o re: ‘Kaha le mphuraletse, la sebeletsa medimo esele mona naheng ya lona, kahoo le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’ ”


Empa ba seng bakae ba bona ke tla ba pholosa, ba se ke ba bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, e le hore ditjhabeng tseo ba tla ya ho tsona ba tle ba bolele mesebetsi yohle ya bona e nyonyehang, ditjhaba tseo di tle di tsebe hore ke nna Morena.”


e le hore o tle o jare sekgobo sa dibe tsa hao, o hlajwe ke dihlong, ka baka la tsohle tseo o di entseng ha o ne o ba tshedisa.


Ke tla o tshwarela dibe tsohle tseo o di entseng, empa o tla nne o di hopole, o hlajwe ke dihlong hoo o ke keng wa ahlamisa molomo wa hao, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Hona moo le tla hopola boitshwaro ba lona le diketso tsa lona tsohle, tseo le ileng la itshilafatsa ka tsona, mme le tla inyonya ka baka la bobe bohle boo le bo entseng.


Ka etsa hore ditjhaba di thothomele ha di utlwa modumo wa ho wa ha kedare eo, ha ke e lahlela ka lebitleng mmoho le ba theohelang mohohlong. Jwale difate tshole tsa Edene, le tse ntlentle, tse kgahlehang tsa Lebanone, tsohle tse nwesetswang, tse ka mohohlong, di tla thabela ho wa ha kedare eo.


“Faro o tla bona batho bana bohle ba bolailweng ka sabole, mme o tla tshediseha, yena le mabotho wohle a hae, ho rialo Morena Modimo.


Hohle moo se ileng sa ya teng hara baditjhaba, se ile sa silafatsa lebitso la ka le halalelang, hobane ho ile ha buuwa ka sona, ha thwe: ‘Sena ke setjhaba sa Morena, empa se ile sa tlameha ho tswa naheng ya hae.’


Kahoo le tla hopola metsamao ya lona e mebe le diketso tsa lona tse kgopo, mme le inyonye ka baka la makgopo a lona le manyala a lona.


Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.


Masalla a Jakobo a tla ba teng, a be teng hara ditjhaba tse ngata, a be jwaloka phoka e tswang ho Morena, a be jwaloka medupe e kolobisang jwang, medupe e sa ke be e laelwe ke motho, kapa e emele ho phetha thato ya motho.


Hojane Morena ha a tlo kgutsufatsa nako eo, ho ne ho se motho le ya mong ya neng a tla pholoha, empa o kgutsufaditse nako eo ka baka la bakgethwa bao a ba kgethileng.


Morena Modimo wa lona, ke Modimo ya mohau, a ke ke a le lahla, kapa a le timetsa, kapa a lebala selekane seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ