Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:16 - BIBELE

16 haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo. E ne e tla ba bona feela ba ka pholoswang, empa naha yona e ne e tla fetoha nanaola.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 banna bao ba bararo, ha ba ne ba ka ba teng ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara, kapa baradi ba bona; ba ne ba tla inamolela ba nnotshi; haele lefatshe, le ne le tla nne le senyehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:16
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Modimo a ripitla metse eo e phuleng, Modimo a hopola Aborahama; a ntsha Lota koduweng eo, ha a ne a ripitla metse eo Lota a neng a ahile ho yona.


‘Dira tsa rona di timeleditswe ruri, tlotlo la tsona la tjheswa ke malakabe.’


Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.


haeba banna bana ba bararo ba ne ba le naheng eo, ke a ikana, ho rialo Morena, ba ne ba ke ke ba lopolla bara ba bona kapa baradi ba bona naheng eo.


haeba Nowe le Daniele le Jobo ba ne ba phela naheng eo, ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ba ne ba ke ke ba lopolla mora kapa moradi; ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela.


Motho ya etsang sebe ke yena ya tla shwa. Mora a ke ke a jariswa bokgopo ba ntatae, le ntatae a ke ke a jariswa bokgopo ba mora wa hae. Ho loka ha ya lokileng e tla ba ha hae, bokgopo ba ya kgopo le bona e be ba hae.


Ere ho bona: ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha ke thabele lefu la ya kgopo, empa ke thabela ha ya kgopo a kgutla ditseleng tsa hae a tle a phele. Kgutlang! Kgutlang ditseleng tsa lona tse kgopo! Ke ka baka lang, lona ba ntlo ya Iseraele le ratang ho shwa?’


la re: ‘Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ