Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:10 - BIBELE

10 Moporofeta eo le ya mmotsang ba tla jara kotlo ya bokgopo ba bona. Kotlo ya moporofeta e tla tshwana le kotlo ya ya mmotsitseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba tla jara bokgopo ba bona; seo bokgopo ba ya botsang bo tla ba sona, bokgopo ba moporofeta bo tla ba sona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kaine a re ho Morena: “Kotlo ya ka e kgolo hoo ke sitwang ho e mamella.


Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: ‘Ha ho na ho ba le sabole kapa sekoboto naheng ena.’ Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.


Kahoo bana ba Iseraele ha ba sa tla hlola ba mphuralla, mme ha ba sa tla hlola ba silafatswa ke ditshito tsa bona; e tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa sona, ho rialo Morena Modimo.’ ”


“Ka lebaka lena, bua le bona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha Moiseraele ofe kapa ofe ya rapelang modingwana wa bohata ka pelong ya hae, ya beang sekgopi sa dibe tsa hae kapele ho sefahleho sa hae, a etla ho moporofeta, ke nna Morena ya tla mo arabela, ho latela bongata ba medingwana ya hae ya bohata.


“ ‘Haeba moporofeta a ka thetswa hore a porofete, ke hobane ke nna Morena ya thetsitseng moporofeta eo, mme ke tla otlollela letsoho la ka hodima hae, ke mo timetse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Le tla otlelwa bokgopo ba lona, le jare melato ya dibe tsa lona tsa ho kgumamela medingwana ya bohata. Ka hona le tla tseba hore ke nna Morena Modimo.”


A se a fihlile matsatsi a kahlolo! A se a fihlile matsatsi a phetetso! Sena Iseraele o tla se tseba! Le re: “Moporofeta enwa ke sethoto! Ya susumetswang ke moya yena ke lehlanya!” Hoba bokgopo ba lona bo totile, le bora ba lona bo totile hakaalo!


Ke sitetswe Morena, ke entse sebe, kahoo kgalefo ya Morena ke tla e mamella, ke e mamelle ho fihlela a ntwanela, a ntwanela, a nnea tokelo ya ka. Morena o tla nkisa, a nkise kganyeng ya hae, teng ke bone ho loka ha hae.


Monna o tla hloka molato, empa mosadi yena o tla jara molato wa hae.’ ”


hobane motho ka mong o tla itjarela mefokolo ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ