Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 13:16 - BIBELE

16 e leng baporofeta ba Iseraele ba ileng ba porofetela Jerusalema, ba boneng dipono tse reng e tla ba le kgotso, empa kgotso e le siyo, ho rialo Morena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 e leng baporofeta ba Iseraele, ba neng ba porofetela Jerusalema, ba neng ba mmonela dipono tsa kgotso, kanthe ha ho kgotso: ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 13:16
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Kgotso ha e yo ho batho ba kgopo,” ho rialo Morena.


Ka kgwedi ya bohlano ya selemo sa bone sa ho qaleha ha puso ya Sedekiya, kgosi ya Juda, ka sona selemo seo, Hananiya, mora wa moporofeta Asure, ya neng a etswa Gibeone, a bua ho nna re le ka Tempeleng ya Morena, moo ho leng teng baprista le setjhaba sohle, a re:


“Romela molaetsa ho bothopuwa bohle, o re: ‘Malebana le Shemaya ya tswang Nehelame, Morena o bua tjena: Kaha Shemaya a le porofetetse, empa ke ne ke sa mo roma, mme a etsa hore le tshepe leshano,


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. ‘Kgotso! Kgotso!’ ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.


Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka, ba a oka jwalokaha eka ba oka mengwapo. “Kgotso! Kgotso!” ba rialo ho batho, le hoja ba tseba hore kgotso eo ha e yo.


“ ‘Kahobane ba kgelositse setjhaba sa ka, ba re: “Kgotso!” empa kgotso e le siyo; ere ha setjhaba sa ka se haha lerako le fokolang, ebe ba le ntlafatsa ka ho le dila ka phepa,


Kgalefo ya ka ke tla e phethahatsa hodima lerako lena, le hodima ba ileng ba le dila ka phepa, ebe ke re ho lona: Lerako le wele! Le ba le ditseng ka phepa ba timetse,


Mahlomola a a tla. Ba tla batla kgotso, empa ha e na ho ba teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ