Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 13:13 - BIBELE

13 “ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ha ke se ke halefile ke tla le heletsa ka moya wa sefefo, mme ha ke se ke halefile ke tla nesa pula ya ditlwebelele e nang ka sefako se dinaka hore e ripitle lerako leo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Kgalefong ya ka, ke tla pukisa moya wa difefo; bohaleng ba ka, dikgohola di tla matha, kgalefong ya ka, majwe a sefako a tla wa ho timeletsa ruri.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 13:13
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Na o kila kena matlung a polokelo ya lehlwa, kapa wa bona matlo a polokelo ya sefako,


tseo ke di boloketseng nako ya ditsietsi, tsatsi la ho futuha le la dintwa?


Bakeng sa pula a ba nesetsa sefako, mollo wa lehadima wa wela naha ya bona.


A laela, ha tsoha sefefo, sa phahamisa maqhubu a lewatle;


lona mollo le sefako, lehlwa le mohodi, moya wa sefefo o phethang taelo ya hae;


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


Tsokotsane sa Morena se tsohile, se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo, ka sekgahla, ba kgopo se a ba tsukutla.


Bonang kamoo Morena a halefileng kateng! O sithabeditse Sione ka leru le letsholetsho! Tlotla ya Iseraele o e lahletse fatshe, a e lahlela fatshe e theoha lehodimong. Mohla tsatsi leo la kgalefo ya hae, ha a a ka a hopola bonamelo ba maoto a hae.


Naka la Iseraele o le robile, a le roba kgalefo ya hae e tlokoma; tsoho la hae le letona, le matla, a le honyetsa ha sera se futuha. A halefela Jakobo sa mollo o malakabe, o malakabe, o timetsang kahohle.


O hutse seqha sa hae jwaloka sera, o eme sa mohlabani, tsoho le letona le phahame; bohle ba kgahlang mahlo a ba bolaya. Kgalefo ya hae e tukang malakabe, a e theolela hodima tente ya Sione.


Ha ke tadima ka bona sefefo se hlaha leboya, e le leru le leholo le tsekemang lehadima, le potapotilweng ke kganya. Bohare ba lona bo ne bo tshwana le lethose le hlenneng ke mollo.


Ha lerako lee le se le wele, na setjhaba ha se na ho le botsa, se re: “E kae phepa eo le neng le dile lerako ka yona?”


ke tla le lwantsha ke le halefetse, ke le otlele dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


Yaba Morena a fokisa moya o matla hodima lewatle, mme ha tsoha sefefo se tshabehang se ileng sa batla se thua sekepe.


Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna,’ ho rialo Morena.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Yaba sefako se dinaka, se boima ba dikilo tse mashome a mahlano, se theoha hodimo, se ruthutha batho. Batho ba nyefola Modimo ka baka la kotlo ya sefako, hobane kotlo eo e ne e le kgolo ka ho fetisisa.


La pele la letsa terompeta, mme sefako le mollo, di tswakane le madi, tsa tsholohela lefatsheng. Karolo ya boraro ya lefatshe ya etjha, le karolo ya boraro ya difate ya etjha, le jwang bohle bo botala ba etjha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ