Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:7 - BIBELE

7 Ka etsa jwalokaha ke laetswe. Ka ntsha thoto ya ka letsatsi le ntse le tjhabile, jwaloka thoto ya ya yang bothopuweng. Mantsiboya ka phunya lesoba leboteng ka matsoho a ka. Ha shwalane e tshwara ka ntsha thoto ya ka, ka e jara mahetleng, moo ba ntseng ba ntjhebile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka etsa jwalo, kamoo a ntaetseng kateng. Motshehare, ka ntshetsa thoto ya ka kantle, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, ka phunya lerako ka matsoho a ka. Eitse ka shwalane, ka e ntshetsa ntle, mme ka e jara ka mahetla pela mahlo a bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:7
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ka baka leo, wena ngwana motho, moo ba ntseng ba o shebile, motsheare le itse nte! tlama thoto ya hao, o ye bothopuweng; o tsamaye, o tlohe mona moo o leng hona teng, o ye sebakeng se seng. Le hoja e le setjhaba sa bafetohedi, mohlomong ba tla imamela.


Ka la hosasane lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:


Empa wena ngwana motho, o mamele seo ke o bolellang sona. O se ke wa mphetohela jwaloka setjhaba seo se mphetohetseng. Ahlama, o je seo ke tla o nea sona.”


Kahoo ka bua le setjhaba hoseng, mantsiboya mosadi wa ka a hlokahala. Ka la hosasane ka etsa kamoo ke neng ke laetswe kateng.


Yaba ke porofeta jwalokaha a ntaetse, moya wa kena kahare ho ditopo, tsa tsoha, tsa ema ka maoto, e le lebotho le leholohadi.


Yaba ke porofeta jwalokaha ke laetswe. Ha ke ntse ke porofeta, ho ile ha utlwahala leswahlaswahla, ka bona masapo a sisinyeha, a atamelana, lesapo ka leng le kopana le la habo lona.


Barutuwa ba tloha, ba ya motseng, ba fumana ho le jwalokaha a ba boleletse, mme ba lokisetsa Paseka.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


“Ke ka hona, kgosi Ageripa, ke sa kang ka hana ho mamela pono eo ya lehodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ