Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:6 - BIBELE

6 O jare thoto ya hao mahetleng ba ntse ba o shebile, o tsamaye ha shwalane e tshwara. O ikgurumetse sefahleho, e le hore o se ke wa bona tsela, hobane ke o entse sesupo ho ba ntlo ya Iseraele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O tla inkela yona lehetleng pela mahlo a bona, o e ntshetse ntle ka shwalane; o ikgurumetse sefahleho, o tle o se ke wa bona lefatshe; hobane ke o beetse ntlo ya Iseraele ka mokgwa wa setshwantsho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:6
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.


Ka shwalane banna bao ba ema, ba ya diahelong tsa Baarame. Ha ba fihla qetheng ya diahelo tsa Baarame, ba fumana ho se na motho.


Ho wona wohle fifi le tshwana le motsheare, matshabeho a lefifi ho mashodu ke metswalle.


Ke nna enwa le bana bao Morena a nneileng bona. Naheng ya Iseraele re dipontsho le ditshupo tse tswang ho Morena wa mabotho, ya ahileng Thabeng ya Sione.


Kgosana eo ke tla e tjhehela leraba le tla e tshwasa, ebe ke e isa Babilona, naheng ya Bakalatiya. Le hoja kgosana eo e tla shwela moo, empa e ke ke ya bona naha eo.


Moo ba ntseng ba o shebile, o phunye lesoba leboteng la ntlo ya hao, o ntshe thoto ya hao le hona teng.


Esekiele e tla ba sesupo ho lona; le tla etsa jwalokaha a entse. Etlare ha tsena di phethahala le tsebe hore ke nna Morena Modimo.’


O nke lekgwakgwa la tshepe, o le hlome pakeng tsa hao le motse, o shebe ka ho lona. Etlaba o o etseditse thibella, ebe wena o o thibeletse. Hona e tla ba pontsho ho ba ntlo ya Iseraele.


“ ‘Oho, wena Joshua, Moprista e Moholo, wena le balekane ba hao ba dutseng kapele ho wena; lona bohle ba dupang tse molemo, mamelang mona: Ke tla romela mohlanka wa ka, e leng Lekala!


Saule a ikgakanya, a apara diaparo disele, a tsamaya le banna ba babedi, ba fihla ho mosadi eo bosiu. Saule a re ho mosadi eo: “Ke a o rapela: Ako ntshenolele tse tlang ho etsahala ka ho mpotsetsa ho badimo, o be o ntsosetse eo ke tla o bolella lebitso la hae.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ