Ezekiele 12:3 - BIBELE3 “Ka baka leo, wena ngwana motho, moo ba ntseng ba o shebile, motsheare le itse nte! tlama thoto ya hao, o ye bothopuweng; o tsamaye, o tlohe mona moo o leng hona teng, o ye sebakeng se seng. Le hoja e le setjhaba sa bafetohedi, mohlomong ba tla imamela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)3 Haele wena, mora motho, o tle o iketsetse thoto e kang ya mofalli, o tlohe motshehare pela mahlo a bona, jwaloka hoja o falla: o fele o tlohe pela mahlo a bona, nqalong eo o leng ho yona, ho ya ho e nngwe nqalo; ekaba ba tla nahana hoba efela ke ntlo ya bahanyetsi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Haeba ba hlajwa ke dihlong ka baka la tsohle tseo ba di entseng, o ba hlalosetse moralo wa Tempele, kamoo e hahilweng kateng: Menyako ya yona e tswelang kantle le e kenang kahare, le meralo ya yona yohle, le ditaelo tsa yona tsohle, le melao ya yona yohle. O ngole tsena tsohle moo ba ntseng ba bona, e le hore ba tle ba boloke ditaelo tsa yona tsohle, mme ba di phethe ka botshepehi.