Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:25 - BIBELE

25 Ke nna Morena, ke bua seo ke se ratang, mme se tla phethahatswa ho se tikatiko. Lona setjhaba sa bafetohedi, mehleng ena ya lona ke tla phethahatsa tsohle tseo ke di bolelang, ho rialo Morena Modimo.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ntswe lefe kapa lefe leo ke le buileng, ntswe leo le tla phethahala, ha le sa tla diehiswa. Hobane ke mehleng ya lona, lona ba ntlo ya bahanyetsi, ke tlang ho bua lentswe le itseng, mme ke tla le etsahatsa: ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:25
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena wa mabotho o hlapantse, a re: “Jwalokaha ke hopotse, ho tla ba jwalo; jwalokaha ke rerile, ho tla phethahala.


le dipolelo tseo ke di buang di jwalo, di ke ke tsa kgutlela ho nna di sa sebetsa letho, empa di tla phethahatsa seo ke se ratang, di phethe merero eo ke di rometseng ho e phetha.


Lentswe la Morena la boela la mphihlela, la re: “Jeremia, o bonang?” Nna ka araba, ka re: “Ke bona lekala la sefate se kang sa perekisi.”


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.’


Morena o entse seo a neng a se rerile, polelo tsa hae o di phethahaditse, polelo tse neng di bolelwe mehleng ya kgale; o o timeditse a se na mohau, a etsa hore o tlakwe ke dira tsa hao, ba o lwantshang a ba matlafatsa.


Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


“Ka baka leo, ere ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Mantswe a ka a ke ke a hlola a thisiswa, empa tseo ke di bolelang di tla phethahatswa, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Ba tla tseba hore ke nna Morena, le hore ke ne ke sa ba tshose ha ke re ke tla dihela koduwa ena hodima bona.’ ”


“Morekisi a ke ke a boela a lata seo a se rekisitseng, leha bobedi ba bona ba ntse ba phela, hobane setjhaba sohle se tla welwa ke kgalefo e ke keng ya hlola e sa kgutla. Ka baka la dibe tsa bona ha ho le ya mong wa bona ya tla pholoha.


O phethahaditse dipolelo tsa hao, tseo o neng o di bue ho rona le ho babusi ba rona, ka ho re dihela koduwa ena e tshabehang. Lefatsheng lohle ha ho eso ka ho etswa se kang sena se entsweng mona Jerusalema.


“Tadima ditjhaba, o ke o lebelle; ako makale, o be o hlollwe. Ke etsa ho hong mehleng ena ya hao, ke etsa hoo o neng o ke ke wa ho dumela leha o ne o ka ba wa ho bolellwa.


Pono ena e sa emetse nako ya yona, e haufi e phethahala, mme e ke ke ya thetsa. Leha e ka dieha, wena o e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ya dieha.


Ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta, Modimo o ile a nea baholoholo ba lona melao le ditaelo, empa ba se ke ba mamela, yaba Modimo o a ba otla. “Jwale ba baka, ba re: ‘Morena wa mabotho o ne a rerile ho re otla ka baka la metsamao ya rona le diketso tsa rona, mme o fela a phethile jwalo.’ ”


Yaba Morena o re ho Moshe: “Na ho na le se ka sitang Morena? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka le tla phethahala kapa tjhe.”


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka a ke ke a fela.”


Lehodimo le lefatshe di tla fela, empa mantswe a ka ha a ka ke a fela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ