Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:20 - BIBELE

20 Metse e tla hloka baahi, naha e fetohe nanaola, mme le tla tseba hore ke nna Morena.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Metse e hahilweng e tla timeletswa, naha e senngwe, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:20
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hara motse ho setse masupi feela, menyako ya motse e robehile dikotwana.


Fatshe le tla falatswa kahohlehohle, tsohle tsa lona le di amohuwe, hobane Morena o buile jwalo.


Menyako ya Sione e tla lla, e bokolle, Sione e rapalle fatshe, e fetohe lesupi.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Mehleng ena ya lona, moo le ntseng le bona, hona sebakeng sena, ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.’


mme o re ho bona: ‘Morena wa mabotho o bua tjena: Ke tla pshatlaka setjhaba sena le motse ona jwalokaha motho a pshatlaka nkgo hoo e ke keng ya hlola e lokiswa. Ba tla epela bafu ba bona Tofete hobane ho tla be ho se na sebaka se seng seo ba ka ba epelang ho sona.


ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.


Bonang, ho rialo Morena, ke tla ba laela, ke be ke etse hore ba kgutlele motseng ona. Ba tla o futuhela, ba o hape, ba be ba o tjhese ka mollo. Ke tla etsa hore metse ya Juda e be lehwatata le se nang baahi.”


Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi.


Kahobane thaba ya Sione e le feela, phokojwe di nyanyaka hara masupi a yona.


“Ha ke ba qhalanyetsa hara ditjhaba, ke ba hasanya hara dinaha, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.


“Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Fate sa morara hara difate tsa moru, mosebetsi wa sona ke ho besa mollo; le baahi ba Jerusalema ba tla ba jwalo!


Naha ke tla e fetola, e be nanaola, hobane ba ile ba ntlhokela botshepehi, Morena Modimo o bua jwalo.”


“Ka baka leo, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ba ile ba le ripitla, ba le hapa kahohle hore le tle le be lefa la masalla a baditjhaba, ba le bua hampe, ba le soma.


“Ke tla o etsa lesupi, o fetohe sekgobo ho ditjhaba tse o potapotileng, le mahlong a bohle ba fetang ka tsela.


“Jwale, ka lebaka la hao, wena Modimo wa rona, ako mamele dithapelo le dithapedi tsa mohlanka wa hao, o hauhele Sehalalelo sena sa hao se senyehileng.


Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le bolaye ka sabole, naha ya lona e fetohe nanaola, le metse ya lona e fetohe masupi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ