Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:19 - BIBELE

19 Ere ho setjhaba sa naha ena: ‘Morena Modimo o bua tjena ka baahi ba Jerusalema, le ka ba phelang naheng ya Iseraele: Ba tla ja dijo tsa bona ba tshwenyehile, ba nwe metsi a bona ba tshohile, hobane naha ya bona e tla hlakolwa tsohle tse ho yona ka baka la meferefere ya bohle ba phelang ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 mme o re ho setjhaba sa lefatshe lena: Haele ba ahileng Jerusalema, naheng ya Iseraele, Morena Jehova o ba bolela ka ho re: Ba tla ja bohobe ba bona ka tshabo, ba nwe metsi a bona ka ho makala, hobane naha e tla senngwa, e hloke tsohle tsa yona, ka baka la bothata ba ba ahileng ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:19
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mobu o nonneng a o fetola lenyekethe, ka baka la bokgopo ba baahi ba teng.


Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.


Yaba ke re: “Morena, e tla ba ho fihlela neng?” Morena a araba, a re: “Ho fihlela metse e fetoha dithako, e sala e se na baahi, matlo a sala a le feela, naha e senngwa, e fetoha nahathothe;


Mamela! Molaetsa ke ona o a tla! Morusu o moholo o hlaha naheng e ka leboya! Metse ya Juda e tla fetolwa nanaola, e fetohe dilao tsa diphokojwe.


Naha ya sona se e fetotse nanaola, e fetohile sekgobo sa mehla yohle, bo-mofeta-ka-tsela ba ye ba e makalle, hlooho tsa bona ba be ba di thukuthe.


Naha ena yohle e tla ba nanaola le setsoto, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa kgosi ya Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.


Ka lebaka lena, Morena o bua tjena: Ke tla neelana ka motse ona matsohong a Bakalatiya, le matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, mme o tla o hapa.


“Morena o bua tjena: Naheng ena eo lona le reng: ‘Ke nanaola, ha ho na batho, ha ho na diphoofolo ho yona,’ le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tseo e leng dithako, moo ho seng batho kapa baahi, leha e le tsona diphoofolo,


“Morena wa mabotho a bua tjena: Naheng ena eo e leng nanaola, e se nang batho leha e le diphoofolo, le metseng yohle ya yona, ho tla boela ho eba le metebo, moo badisa ba tla bothisa mehlape ya bona teng.


Morena o bua tjena: “Lefatshe lohle le tla senyeha, empa ha ke na ho le timeletsa ruri.


Jwalokaha sediba se kopotsa metsi, le motse ona o kopotsa bokgopo ho wona; mahahapa le timelo di utlwahala hara wona, kamehla ke bona bohloko ba wona le maqeba a wona.


“Ka baka leo, porofeta, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ba ile ba le ripitla, ba le hapa kahohle hore le tle le be lefa la masalla a baditjhaba, ba le bua hampe, ba le soma.


A boela a re ho nna: “Bona mona, wena ngwana motho, ke tla fokotsa dijo Jerusalema. Batho ba tla ja ka tekanyo le ka tlhokomelo; le metsi ba a nwe ka tekanyo, ba tsielehile.


Ke tla otlolla letsoho la ka hodima bona, naha ke e fetole nanaola ho tloha lehwatateng le ka Borwa ho ya Ribela, hohle moo ba phelang teng. Ba tla tseba hore ke nna Morena.”


“Lokisang mahlaahlela, hobane naha yohle e tletse madi, hara motse ke moferefere.


Lefatshe le tla fetoha nanaola, le fetohe nanaola ka baka la baahi ba lona, le fetohe nanaola ka baka la diketso tsa bona.


‘Ka sefefo ke ile ka ba qhalanyetsa dinaheng disele, moo ba sa tsejweng. Ba siya naha ya bona e le nanaola, e se na baahi. Naha ya bona e ntle ya fetoha nanaola jwalo.’ ”


hobane “lefatshe ke la Morena, le tsohle tse ho lona.”


Empa ha e mong a ka re ho lona: “Sena ke se hlabetsweng medimo ya bohata,” le se ke la se ja ka baka la eo ya le boleleletseng, le ka baka la letswalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ