Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:18 - BIBELE

18 “Wena ngwana motho, dijo tsa hao a di je o thothomela, metsi a hao o a nwe o tlakasela, o tshwenyehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mora motho, ja bohobe ba hao ka thothomelo, o nwe metsi a hao ka ho thekesela le ka tshabo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:18
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bakeng sa ho ja ke tlelwa ke mefehelo, medumaelo ya ka e phutsalle sa diphororo!


Morena, Modimo wa mabotho, o tla re halefela ho fihlela neng, rona tjhaba sa hao se o rapelang?


Re fumana dijo re okametswe ke lefu, ka baka la sabole e lehwatateng.


Lentswe la Morena la fihla hape ho nna, la re:


O tla nwa mohope wa tshabo le wa timelo, mohope wa ngwaneno, wa Samaria, o be letahwa, o be mmaditsietsi.


Ka letsatsi o tla ja bohobe bo etsang boima ba dikeramo tse makgolo a mabedi le mashome a mararo ka nako e lokelang.


Ke nna feela ya ileng a bona pono ena. Banna ba neng ba eme le nna bona ha ba a ka ba e bona, empa ba ile ba tshoha haholo hoo ba ileng ba baleha, ba ya ipata.


Ke tla le amoha dijo tsa lona, mme le tla apehelwa bohobe ka seboping se le seng ke basadi ba leshome. Ba tla le methela bohobe; le tla ja, empa le ke ke la kgora.


“ ‘Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.


Ka baka leo, o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Morena Modimo wa hao, a tla o romella tsona, o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka dintho tsohle. Di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, ho fihlela di o timetsa.”


Hara ditjhaba tseo le ke ke la fumana boiketlo, le maoto a lona a tla hloka moo a ka hatang teng. Morena o tla etsa hore dipelo tsa lona di tshwenyehe, mahlo a lona a fifale, meya ya lona e hlomohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ