Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:13 - BIBELE

13 Kgosana eo ke tla e tjhehela leraba le tla e tshwasa, ebe ke e isa Babilona, naheng ya Bakalatiya. Le hoja kgosana eo e tla shwela moo, empa e ke ke ya bona naha eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:13
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mobung ba mo patetse sekgoqetsane, tseleng ya hae ba mo tjhehetse sefi.


jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.


Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang.


wa re tshwasa ka letlowa, wa re belesa mojaro o boima;


“ ‘Empa ha e le Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, le masalla a Jerusalema a ntseng a le naheng ena, le a phelang naheng ya Egepeta, bohle ke tla ba tshwantsha le feiye ena e bodileng hoo e ke keng ya jewa,’ ho rialo Morena.


E tla isa Sedekiya kwana Babilona, mme o tla hlola moo ho fihlela ke mo etela,’ ho rialo Morena. ‘Leha o ka lwana le Bakalatiya ha o ka ke wa atleha.’ ”


Ha o ka ke wa phonyoha matsohong a yona; o tla fela o thopuwe, o bewe matsohong a yona. Kgosi eo ya Babilona o tla e bona ka mahlo a hao, o buisane le yona le tadimane, ebe jwale o iswa Babilona.


Yaba kgosi Sedekiya o laela hore Jeremia a ntshwe ka tjhankaneng, a tliswe tlung ya bokgosi, mme a mmotsa ka lekunutu, a re: “Na o na le molaetsa o tswang ho Morena?” Jeremia a araba, a re: “E, o teng. Morena o itse ho tla neelanwa ka wena matsohong a kgosi ya Babilona.”


Jwale ya honya mahlo a Sedekiya, ya mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ho mo isa Babilona.


Wena Babilona ke o tjhehetse leraba, la ba la o tshwasa o sa le ela hloko; o ile wa fumanwa, mme wa hapuwa, hobane o ile wa lwana, wa lwantshana le Morena.


Morena o rometse mollo o theoha hodimo, wa nkena masapong, wa tjhatjhametsa; maotong a ka o tjhehile leraba, a etsa hore ke be ke kgutle, ke kgutle ka santhao. O nkentse hore ke sale ke le inotshi, o ntjesa bodutu kamehla yohle.


Re tshwerwe ke tshabo, leraba le re kgatile, re fihletswe ke tshenyeho, re fihletswe le ke timelo.”


lentswe la Morena la fihla ho moprista Esekiele, mora wa Busi, a le pela noka ya Kebare, naheng ya Bakalatiya, yaba matla a tswang ho Morena a a mo tsukutla.


O jare thoto ya hao mahetleng ba ntse ba o shebile, o tsamaye ha shwalane e tshwara. O ikgurumetse sefahleho, e le hore o se ke wa bona tsela, hobane ke o entse sesupo ho ba ntlo ya Iseraele.”


“ ‘Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo; ruri o tla shwela Babilona, e leng moo kgosi e ileng ya mmea hore e be kgosi e phelang teng, yona kgosi eo a nyedisitseng kano eo a ileng a e etsa le yona, a senya le selekane sa kgosi eo.


Ke tla mo tjhehela leraba le tla mo tshwasa, ke mo ise Babilona, mme hona moo ke mo ahlolele ho se tshepahale ha hae ka ho mphetohela.


“Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ka matshwele a ditjhaba tse ngata, ke tla akgela letlowa la ka, ke le akgele hodima hao, ka letlowa lena a o hulele kantle.


Hohle moo ba yang teng ke tla ba tshwasa, ke akgele tlowa la ka hodima bona; ke ba theole sa nonyana tse fofang, ke ba tshwase ha ba kgobokana mmoho.


hobane jwaloka sefi, le tla pitla bohle ba ahileng lefatsheng lohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ