Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 11:23 - BIBELE

23 Tlotla ya Morena ya tloha hara motse, ya fihla ya dula hodima thaba e ka botjhabela ho motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Mme kganya ya Jehova ya tloha moo e neng e okametse motse, ya ya ema thabeng e nqa botjhabela ho motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 11:23
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Serakwe seo se ne se phatsima jwaloka mookodi hara maru ha pula e ena. Serakwe sena e ne e le se tshwantshang tlotla ya Morena. Yare ha ke se bona ka itihela fatshe ka sefahleho, mme ka utlwa lentswe la ya buang.


Jwale tlotla ya Morena ya tloha monyako wa Tempele, ya ya ema kahodimo ho dikerubime.


Jwale tlotla ya Morena ya nyolohela hodimo, e etswa ho dikerubime, ya ya ema monyako wa Tempele. Leru la tlala Tempele, mme lebala la tlala ho phatsima ha tlotla ya Morena.


Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae.


Tlotla ya Morena ya kena ka Tempeleng ka kgoro e shebileng botjhabela.


Tlotla ya Modimo wa Iseraele e ne e le hona moo, e tshwana le pono eo ke neng ke e bone phuleng.


Yaba Morena o re ho nna: “Wena ngwana motho, na o bona seo ba se etsang? Na o bona manyala ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang moo, e le hore ke tle ke suthelle hole le Sehalalelo sa ka? Empa ako hetle hape, mme o tla bona manyala a mabe ho feta ana.”


Yaba tlotla ya Modimo wa Iseraele, e neng e le moo dikerubime di neng di le hona teng, e nyolohela hodimo, e ya monyakong wa Tempele. Morena a bitsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, eo qholong ya hae ho leketlang lenakana le tshetseng enke.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla ema Thabeng ya Mehlwaare, e ka botjhabela ho Jerusalema. Thaba ya Mehlwaare e tla petsoha ka lehare, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, ho hlahe kgohlo e tebileng; karolo e nngwe ya thaba e tla ya leboya, e nngwe yona e ye borwa.


“Jerusalema! Jerusalema! Wena ya bolayang baporofeta, ya tlepetsang ka majwe ba rometsweng ho wena, ke hakae ke lakaditseng ho phutha bana ba hao, jwalokaha kgoho e alama ditsuonyana tsa yona, empa wa hana!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ