Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 11:15 - BIBELE

15 “Wena ngwana motho, bana beno, e, bana beno bao o tswalanang le bona, e leng bohle ba ntlo ya Iseraele, ke bona bao baahi ba Jerusalema ba itseng ho bona: ‘Eyang hole le Morena! Naha ena re e filwe hore e be lefa la rona!’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Mora motho, ke banabeno, e, ke banabeno, ke ba heno, ke ba ntlo ya Iseraele, bohle bao baahi ba Jerusalema ba reng ho bona: Tlohang ho Jehova, etswe lefatshe lena le neilwe rona hore re le rue.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 11:15
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tjhaba se reng: ‘Emella thokwana, o se atamele ho rona, hobane rona re halalela haholo, re halalela ho o feta!’ Batho ba jwalo ba nkga sa mosi nkong tsa ka, ba ka mollo o qetang tsatsi lohle o tuka.


Lona ba thothomelang ha Morena a bua, mamelang dipolelo tsa hae: “Bana babo lona ba le hloileng, ba le kgesang ka baka la lebitso la ka, ba re: ‘Morena ha a ke a tlotliswe, re bone thabo ya lona!’ Empa bona ba tla hlajwa ke dihlong.


Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:


“Wena ngwana motho, setjhaba se ahileng dithakong tsa naha ya Iseraele se re: ‘Aborahama o ne a le mong to! empa naha ena o ile a e fuwa. Rona re bangata, mme le rona naha ena re e filwe hore e be lefa la rona.’


Ba tla le tebela matlung a thapelo; etswe nako e a tla eo ka yona mang kapa mang ya le bolayang, a tla hopola hore o sebeletsa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ