Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 11:10 - BIBELE

10 Le tla bolawa ka sabole, ke le ahlolele meeding ya naha ya Iseraele, mme le tla tseba hore ke nna Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Le tla wa ka lerumo, mme ke tla le ahlola moeding wa Iseraele, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 11:10
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.


O ile a busetsa meedi ya Iseraele ditulong tsa yona, ho tloha ka Lekgalo la Hamate, ho ya fihla Lewatleng la Letswai. Hona ha phethahala ho ya ka polelo ya Morena Modimo wa Iseraele, eo a neng a e bue ka mohlanka wa hae, moporofeta Jonase, mora wa Amitai wa Mogate-Hefere.


Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng.


Kgosi ya Babilona ya bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, ya ba bolaela hona moo Ribela. Kgosi ya Babilona ya bolaya le mahosana wohle a Juda.


empa ya ithorisang a ithorise ka ho re, yena o a nkutlwisisa, o bile o a ntseba; ke nna Morena ya tsebang ho hauhela, ya sebetsang ka toka le ka ho loka lefatsheng, hobane tsena ke tsona tse nthabisang,” ho rialo Morena.


Kahoo ke tla heletsa lerako lena, leo le le ditseng ka phepa, ke etse hore le qhemetsehele fatshe, e le hore motheo wa lona o tle o bonahale. Ha lerako lena le ewa, le tla le wela hodimo le le timetse, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Ke tla tabola le masira a lona, ke pholose setjhaba sa ka matsohong a lona. Se ke ke sa hlola se wela matsohong a lona ho iketsetsa borata ka sona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Ka baka leo, ha le sa tla hlola le bona dipono tsa mafeela, kapa hona ho noha, hobane ke tla lopolla setjhaba sa ka matsohong a lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena!’ ”


Ke tla otla baporofeta ba bonang dipono tsa mafeela, ba porofetang mashano; ba ke ke ba eba le kabelo phuthehong ya setjhaba sa ka, kapa ba ngolwa diketsahalong tsa ntlo ya Iseraele, leha e le ho kena naheng ya Iseraele, le tle le tsebe hore ke nna Morena.


Ditopo tsa babolauwa di tla rapalla hara lona, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Le naha ya Bagebale le Lebanone yohle, ho ya fihla botjhabela, ho tloha Baale-Gade e mosikong wa thaba ya Heremone, ho ya fihla lekgalong la Hamate.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ