Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:3 - BIBELE

3 Dikerubime di ne di eme ka lehlakoreng le letona la Tempele, ha motho enwa a kena hara tsona, mme leru la tlala kahara lebala le kahare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Haele dikerubime, di ne di eme ka nqa ho le letona ho tempele, ha monna eo a etla, mme leru le ne le tletse lebala le kahare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:3
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.


O tla etsa dikerubime tse pedi tsa kgauta; o di etse ka kgauta e thutsweng, mme di be ntlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe.


Tlotla ya Morena ya kena ka Tempeleng ka kgoro e shebileng botjhabela.


“ ‘Morena Modimo o bua tjena: Kgoro ya lebala le kahare e tadimileng botjhabela e kwalwe ka matsatsi a tsheletseng a mosebetsi, empa ka letsatsi la Sabatha e tla bulwa, e be e bulwe le mohla kgwedi e thwasitseng.


Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.


A otlolla ntho e kang letsoho, a ntshwara ka moriri. Moya wa mphahamisetsa pakeng tsa lehodimo le lefatshe, mme ka dipono tsa Modimo Moya oo wa mphihlisa Jerusalema, monyakong wa kgoro e kahare, o tadimileng leboya. Teng ho ne ho ena le setulo sa modingwana o bakang lefufa!


Yaba tlotla ya Modimo wa Iseraele, e neng e le moo dikerubime di neng di le hona teng, e nyolohela hodimo, e ya monyakong wa Tempele. Morena a bitsa monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene, eo qholong ya hae ho leketlang lenakana le tshetseng enke.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ