Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:22 - BIBELE

22 Difahleho tsa tsona di ne di tshwana le tseo ke neng ke ile ka di bona pela noka ya Kebare. Kerubime ka nngwe e ne e toba pele feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Haele tshobotsi ya difahleho tsa tsona, e ne e le tsona difahleho tseo ke na beng ke di bone pela noka ya Kebare, e le ponahalo e le nngwe, e le tsona tsona. Di ne di tsamaya, e nngwe le e nngwe e lokile feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:22
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya bone selemong sa mashome a mararo, ha ke le hara bathopuwa pela noka ya Kebare, ke ile ka bona mahodimo a buleha, yaba ke bona dipono tsa Modimo.


Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.


Sebopuwa ka seng ha se tsamaya se ne se toba pele feela. Di ne di eya hohle moo moya o neng o rata ho ya teng. Ha di tsamaya, di ne di sa retelehe.


Mapheo a tsona a ne a thetsana. Ha di ne di tsamaya, di ne di toba pele feela, di sa retelehe.


Ha a ntse a phethoha, a ne a ye a phethohele lehlakoreng lefe kapa lefe leo kerubime a tadimileng ka ho lona. Ha dikerubime di tsamaya, mabidi a ne a sa phethohe. Dikerubime tsena di ne di leba kae le kae moo di tadimileng teng, empa di sa retelehe ha di ntse di tsamaya.


Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne le mapheo a mane, mme katlasa mapheo a tsona ho ne ho ena le ntho e kang ke matsoho a motho.


Yaba Moya wa mphahamisa, o mphihlisa monyakong o ka botjhabela wa Tempele ya Morena, o tadimileng botjhabela. Hona moo monyako ho ne ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasaneya, mora wa Asure, le Pelatiya, mora wa Benaya, e leng baetapele ba setjhaba.


Pono eo ke neng ke e bona e ne e ka eo ke neng ke e bone ha Morena a ne a tlilo ripitla motse; le teng e tshwana le dipono tseo ke neng ke di bone lebopong la noka ya Kebare. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho.


Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ