Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:2 - BIBELE

2 Morena a re ho monna ya apereng seaparo se entsweng ka lene: “Kena hara mabidi a katlasa dikerubime. Ka matsoho a hao o nke mashala a tukang, a hara dikerubime, o a hasanye hodima motse.” Yaba o kena hara mabidi ke ntse ke mo tadimile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba o bua le monna ya apereng lene, a re: Kena kahare ho mabidi, tlasa dikerubime, o kakole mashala a hlenneng ka diatla tsa hao tse pedi mahareng a dikerubime, o a tshollele motseng. Mme a tla teng, ke ntse ke mmona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:2
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Nebusaradane a tjhesa Tempele ya Morena, le ntlo ya kgosi, le matlo wohle a Jerusalema, le matlo wohle a banna ba mabitso.


Ba ntikanetseng ba se tsohe molota, ditshokelo tsa bona di ke di ba wele hodimo.


A phetla mahodimo, a theohela fatshe, leru le letsho le le maotong a hae;


O tla etsa dikerubime tse pedi tsa kgauta; o di etse ka kgauta e thutsweng, mme di be ntlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe.


Morena o tla utlwahatsa lentswe le tlotlehang la hae, a bonahatse tsoho la hae ha le theoha, le theoha ka mabifi le ka kgalefo, ka malakabe a mollo o timetsang, ka leru le phatlohang, le ka difefo, le ka sefako.


Tshobotsi ya dibopuwa tsena tse phelang e ne e ka mashala a hlenneng, kapa e ne e ka dirumola. Mollo oo o ne o tsekema hara dibopuwa tsena, o kganya haholo, mme lehadima le etswa ho wona.


Ha dikerubime di tsamaya, mabidi le wona a ne a phethoha; ha dikerubime di thathalatsa mapheo a tsona hore di phahame fatshe, mabidi a ne a sa tlohe mahlakoreng a tsona.


Jwale ka bona monna yane ya apereng seaparo se entsweng ka lene, eo qholong ya hae ho leketlang lenakana le tshetseng enke, a tsebisa Morena, a re: “Ke phethile kamoo o ntaetseng kateng!”


“Ha ke ntse ke tadimile: Ka bona diterone di bewa madulong, Moholo wa Matsatsi a dula hodima ya hae. Aparo tsa hae di ne di le tshweu sa lehlwa, moriri wa hae o re bja! jwaloka boya, terone ya hae e ne tuka malakabe, mabidi a yona a ka mollo o tukang.


Yaba lengeloi le nka pitsa eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona, le e tlatsa ka mollo o tswang aletareng, mme le e akgela lefatsheng. Ha eba le letolo, le medumo, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ