Ezekiele 10:19 - BIBELE19 Ha ke ntse ke tadimile, dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahama fatshe, mme ha di ntse di phahama, mabidi le wona a ne a ntse a phahama le tsona. Tsa fihla tsa ema monyakong wa Tempele ya Morena o ka botjhabela, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba hodima tsona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)19 Yaba dikerubime di otlolla dipheo tsa tsona, tsa tloha fatshe; ka di bona ha di etswa, le mabidi a bapile le tsona. Tsa ya ema monyakong wa botjhabela wa tempele ya Jehova, kganya ya Modimo wa Iseraele e le hodima tsona, nqa hodimo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba o nkenya ka lebaleng la Tempele ya Morena le kahare. Hona monyakong oo wa Tempele, pakeng tsa mathule a yona le aletare, ho ne ho ena le banna ba ka bang mashome a mabedi a metso e mehlano. Dikotlo tsa bona di ne di furaletse Tempele ya Morena, difahleho tsa bona di tadimile botjhabela. Ba ne ba kgumamela letsatsi le ka botjhabela.