Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 10:11 - BIBELE

11 Ha a ntse a phethoha, a ne a ye a phethohele lehlakoreng lefe kapa lefe leo kerubime a tadimileng ka ho lona. Ha dikerubime di tsamaya, mabidi a ne a sa phethohe. Dikerubime tsena di ne di leba kae le kae moo di tadimileng teng, empa di sa retelehe ha di ntse di tsamaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ho tsamayeng ha wona a ne a tsamaya ka dintlha tse nne tsa wona; ho tsamayeng ha wona, a ne a sa bidikane; hobane nqa efe le efe moo hlooho e neng e leba teng, a ne a e latela; ho tsamayeng ha wona a ne a sa bidikane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 10:11
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha mabidi ana a ne a tsamaya, a ne a bidikela kae kapa kae moo dibopuwa di yang teng; a ne a sa retelehe ha dibopuwa tsena di tsamaya.


Hohle moo moya o neng o rata ho ya teng, dibopuwa le tsona di ne di eya teng, mme mabidi le wona a ye le tsona, hobane moya wa dibopuwa tsena tse phelang o ne o le kahara mabidi.


Tlasa lepheo ka leng ho ne ho ena le letsoho le kang la motho. Bone ba tsona di ne di ena le difahleho le mapheo.


Mabidi ana a mane a ne a tshwana, lebidi ka leng le ka lebidi le keneng ka ho le leng.


Difahleho tsa tsona di ne di tshwana le tseo ke neng ke ile ka di bona pela noka ya Kebare. Kerubime ka nngwe e ne e toba pele feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ