Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 1:26 - BIBELE

26 Kahodimo ho loapi leo le okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho ena le ntho e kang terone ya safire, mme hodima yona ho dutse ho kang motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Kahodimo ho sebaka se okametseng dihlooho tsa tsona, ho ne ho le ntho e kang lehakwe la safire, e nang le sebopeho sa terone; mme sebopehong sa terone, ho ne ho le ntho e kang sebopeho sa motho ya dutseng ho yona, nqa hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 1:26
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae, ka letsohong la hae le letona le ka ho le letshehadi.


Metsu ya hao e leotsehile, ditjhaba di tla wela tlasa puso ya hao, dira tsa kgosi di tla nyahama pelo.


Ba bona Modimo wa Iseraele; tlasa maoto a hae ho le letlapa le kang la lejwe la safire, le hlwekileng jwaloka mahodimo.


“Wena motse o hlokofaditsweng, wa tsukutlwa ke difefo, wa hloka motshedisi, majwe a marako a hao ke tla a hahella hodima sekama, metheo ke e hahe ka majwe a safire.


Ka selemo seo kgosi Usiya a ileng a shwa ka sona, ka bona Morena a dutse teroneng e phahameng, mophetho wa seaparo sa hae o tletse Tempele.


Ntho e kang loapi, e benyang jwaloka leqhwa, e tshabehang haholo, e ne e okametse dibopuwa tsena tse nne, tse phelang.


Hara sefefo seo ho ne ho ena le ho kang dibopuwa tse nne, tse phelang. Sebopeho sa tsona se ne se tshwana le sa motho,


Ka tadima, mme ka bona ho kang terone e entsweng ka lejwe la bohlokwa la safire, ho le kahodimo ho loapi le neng le okametse dihlooho tsa dikerubime.


Ha monna eo a ntse a eme pela ka, ka utlwa e mong a bua le nna a le ka Tempeleng.


Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.


Ha ke tadima ka bona ntho e kang motho. Ho tloha thekeng ho ya tlase o ne a ka mollo. Ho tloha thekeng ho ya hodimo o ne a kganya jwaloka lethose le hlakodisitsweng.


Letsoho leo le kang la motho la nkama hape, mme la mmatlafatsa.


Yaba o newa puso, le tlotla, le mmuso, e le hore ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle ba mo sebeletse. Puso ya hae ke puso ya kamehla yohle, e ke keng ya fela, mme mmuso wa hae o ke ke wa timetswa.”


Ke yena ya tla haha Tempele ya Morena. O tla apeswa botlotlehi, a rene a dutse teroneng ya hae. Moprista le yena o tla dula teroneng ya hae, mme bobedi ba bona ba tla sebetsa mmoho ka kgotso le ka kutlwano.


“Ha ho le jwalo fadimehang, kahobane ha le tsebe letsatsi leha e le hora.”


Jesu a atamela, a bua le bona, a re: “Ke neilwe matla wohle lehodimong le lefatsheng.


Empa ka Mora ho itswe: “Terone ya hao Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso, ke lere la toka.


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Tabataba ya tseo ke di boletseng ke ena: Re na le Moprista e Moholo ya jwalo, ya dutseng ka letsohong le letona la terone ya Ya Hodimodimo, mahodimong.


Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”


ya nyolohetseng lehodimong, ya leng ka letsohong le letona la Modimo, mme ya busang mangeloi, le bookamedi bohle, le matla wohle.


Hara didulwana tsena ka bona e mong ya kang Mora Motho, ya apereng seaparo se phuphuthang, a itlamme sefubeng ka leqhama la kgauta.


Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, hodima lona ho dutse ya kang Mora Motho, hloohong a rwetse mofapahlooho wa kgauta, letsohong a tshwere sekele e bohale.


Jwale ka bona terone e kgolo, e tshweu, le ya dutseng hodima yona. Lefatshe le lehodimo tsa baleha pela sefahleho sa hae, tsa nyamella ruri.


“Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Le dibopuwa tsohle tse lehodimong, le tse lefatsheng, le tse botebong ba lefatshe, le tse lewatleng, tsohle tse ho tsona ka di utlwa di re: “Ho ya dutseng teroneng le ho Konyana e be thoriso, le hlompho, le tlotla, le matla, kamehla le mehla.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ