Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 1:24 - BIBELE

24 Ha dibopuwa tsena di tsamaya, ka utlwa modumo wa mapheo a tsona, o kang modumo wa metsi a hwasang, o kang wa lentswe la ya Matla wohle, o kang wa lerata la lebotho le leholo. Ha di ema, di ne di phutha mapheo a tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Enereha di tsamaya, ke ne ke utlwa modumo wa dipheo tsa tsona eka modumo wa metsi a mangata, hape eka lentswe la Ya matla wohle, e le modumo wa tlatlarietso, o kang modumo o diahelong. Ereha di ema, di lepeletse dipheo tsa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 1:24
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”


Mamedisa ho thwathwaretsa ha ntswe la Modimo, o mamele modumo o tswang molomong wa hae.


maru a apolwa ke kganya e mo etellang pele, ha na sefako sa mashala a tukang.


Binelang Modimo, lona mebuso ya lefatshe, le roke Morena.


Modumo wa mapheo a dikerubime o ne o utlwahala ho ya fihla lebaleng le kantle, o tshwana le lentswe la Modimo ya matla wohle ha a bua.


Ka utlwa modumo wa mapheo a dibopuwa tse phelang ha a thetsana, le modumo wa mabidi a mahlakoreng a tsona, e le modumo o moholo.


Ka bona tlotla ya Modimo wa Iseraele e hlaha botjhabela. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a hwasang, mme lefatshe le phatsima ke tlotla ya hae.


Mmele wa hae o ne o benya jwaloka lehakwe le phatsimang, sefahleho sa hae se ka lehadima, mahlo a hae a ka mabone a tukang, matsoho a hae le maoto a hae a benya jwaloka lethose le hlakodisitsweng, lentswe la hae le utlwahala jwaloka modumo wa letshwele la batho.


Maoto a hae a ne a benya jwaloka lethose le hlwekisitsweng seboping. Lentswe la hae le ne le le jwaloka modumo wa metsi a lewatle.


Ka boela ka utlwa ho kang modumo wa letshwelehadi, ho kang modumo wa metsi a lewatle, le ho kang modumo wa letolo le matla, ho re: “Haleluja! O a busa Morena, Modimo wa rona ya matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ