Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 1:11 - BIBELE

11 Difahleho tsa tsona di ne di le jwalo. Mapheo a tsona a ne a thathaletse, a lebile hodimo. Mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thetsana le a sebopuwa se seng, mme mapheo a mang a mabedi a kwahetse mmele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ke tsona difahleho tsa tsona. Haele dipheo, di ne di arohane nqa hodimo; se seng le se seng se ne se na le dipheo tse pedi tse tshwaraneng, tse pedi tse ding di ne di apesa mmele ya tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 1:11
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dirafime di ne di eme kahodimo ho yena, mme serafime ka seng se ne se ena le mapheo a tsheletseng: Ka a mabedi se ikgurumeditse sefahleho, ka a mabedi se ikwahetse maoto, ka a mabedi se fofa.


Katlasa loapi lena, mapheo a mabedi a sebopuwa ka seng a ne a thathaletse, a thetsane le a sebopuwa se seng, a mang a mabedi a kwahetse mmele wa sebopuwa ka seng.


Ha dikerubime di tsamaya, mabidi le wona a ne a phethoha; ha dikerubime di thathalatsa mapheo a tsona hore di phahame fatshe, mabidi a ne a sa tlohe mahlakoreng a tsona.


Ha ke ntse ke tadimile, dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahama fatshe, mme ha di ntse di phahama, mabidi le wona a ne a ntse a phahama le tsona. Tsa fihla tsa ema monyakong wa Tempele ya Morena o ka botjhabela, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba hodima tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ