Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 1:10 - BIBELE

10 Fahleho tsa tsona di ne di le tjena: Sebopuwa ka seng se ne se ena le sefahleho se kang sa motho, ka lehlakoreng le letona e le se kang sa tau, ka ho le letshehadi e le se kang sa poho, mme sebopuwa ka seng se ena le sefahleho se kang sa ntsu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Haele tshobotsi ya difahleho tsa tsona, bone ba tsona di ne di na le sefahleho sa monna, le sefahleho sa tau ka nqa ho le letona; hape, bone ba tsona di ne di na le sefahleho sa poho ka nqa ho le letshehadi; hapehape, tse nne di ne di na le sefahleho sa ntsu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 1:10
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba bang ba morabe wa Gade ba fetohela ka ho Davida ha a le qhobosheaneng e lehwatateng. E ne e le banna ba dinatla, ba matsholathebe, ba tsebang ho lwana ka thebe le lerumo. Difahleho tsa bona di ne di ka tsa ditau, ba le lebelo jwaloka dikgama tsa thaba.


Na ke ka taelo ya hao ntsu e tsebang ho fofa, e hahang hlaha sa yona hodimo tsullung?


Moo kgomo di leng siyo sejelo ha se na letho, tjhai e ba ngata ka matla a dipholo.


empa ba tshepileng Morena ba tla tsoha molota, ba fofele hodimo jwaloka ntsu; ba tla matha, empa ba ke ke ba kgathala, ba tsamaye, ba se ke ba fellwa ke matla.


“Hopolang taba ena, e tsitse kelellong tsa lona, le nne le e hopole, lona bakwenehi.


empa se seng le se seng sa dibopuwa tsena se ne se ena le difahleho tse nne, le mapheo a mane.


Kerubime ka nngwe e ne e ena le difahleho tse nne: sefahleho se seng e le sa kerubime, se seng e le sefahleho sa motho, se seng e le sefahleho sa tau, se seng e le sefahleho sa ntsu.


Sefahleho sa motho se ne se shebane le sefate sa palema se ka lehlakoreng lena, mme sefahleho sa tau se shebane le sefate sa palema se ka lehlakoreng lane. Di ne di betlilwe ho potoloha Tempele.


“Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho.


“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Rubene ba tla ba ka borwa, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Rubene e tla ba Elesure, mora wa Shedeure.


“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Efraime, ho ya ka mabotho a bona, ba be ka lehlakoreng le ka bophirimela. Kgosana ya bana ba Efraime e tla ba Eleshama, mora wa Amihude.


“Ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Dane ba tla ba ka lehlakoreng le ka leboya, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Dane e tla ba Ahiesere, mora wa Amishadai.


“Ba tla hloma ka botjhabela e tla ba ba nkileng mokgele wa mokgetho wa Juda, ho ya ka mabotho a bona. Kgosana ya bana ba Juda e tla ba Naheshone, mora wa Aminadabe.


Ke a le bolella hore, ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e teng hara mangeloi a Modimo.”


Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.


“Morena o tla o tlisetsa setjhaba se tswang hole, pheletsong ya lefatshe, se etla jwaloka ntsu ha e fofa; setjhaba seo o sa tsebeng puo ya sona;


Sebopuwa se phelang sa pele, se ne se tshwana le tau. Sebopuwa se phelang sa bobedi, se ne se tshwana le pohwana. Sebopuwa se phelang sa boraro, se ne se ena le sefahleho se kang sa motho. Sebopuwa se phelang sa bone, se ne se tshwana le ntsu e fofang.


Empa e mong wa baholo a re ho nna: “O se ke wa lla. Bona, Tau ya leloko la Juda, Lehlomela la Davida, o hlotse. O tla phetla buka le ho kgomarolla dibitielo tse supileng tsa yona.”


Ka letsatsi la bosupa, pele letsatsi le dikela, banna ba motse ba re ho yena: “Ho monate ho fetisa dinotshi ke hofe? Ho matla ho feta tau ke hofe?” Samosone a re ho bona: “Hoja le se leme ka pholo ya ka, le ka be le sa hlalosa selotho sa ka!”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ