Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Esthere 9:30 - BIBELE

30 Moredekai a romela mangolo ana ho Bajuda bohle ba dinaheng tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, tse buswang ke Ahashuerushe; a a felehetsa ka mantswe a kgotso le a nnete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Bajuda kaofela, ba leng dinaheng tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng tsa mmuso wa Assueruse, ba romelwa mangolo a ditaba tsa kgotso, le tsa nnete,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Esthere 9:30
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sara o ile a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng; tsena ke dilemo tsa bophelo ba Sara.


Taba tsena di etsahetse mehleng ya Ahashuerushe ya neng a busa dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng, e leng ho tloha naheng ya India ho ya fihla naheng ya Kushe.


Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Phuptjane, bangodi ba kgosi ba bitswa. Yaba ho ngolwa ho latela sohle seo Moredekai a ileng a se laela. Ha ngollwa Bajuda le baokamedi ba mabotho, le batlatsi ba bona, le babusi le mahosana a dinaha, ho tloha India ho ya fihla Kushe, e leng babusi ba dinaha tse lekgolo le mashome a mabedi a metso e supileng. Ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ba ngollwa ka mongolo wa bona le ka puo ya bona.


Ha e le ba ikarohantseng le wena, bona ba tla timela; o fedisa bohle ba sa tshepahaleng ho wena.


Ho loka ho tla beha tholwana ya kgotso, ho loka ho tswale kgutso le letshepa kamehla.


Yaba Hesekiya o re ho Esaya: “Lentswe la Morena, leo o le boletseng, le lokile.” Ka pelong ya hae o ne a re: “Mehleng ya ka re tla phela ka kgotso, re sireletsehile.”


“Morena wa mabotho o bua tjena: Ha ho itingwa dijo ka kgwedi ya bone, le ka kgwedi ya bohlano, le ka ya bosupa, le ka ya leshome, e tla ba matsatsi a thabo le a nyakallo, e be mekete e monate ho ba ntlo ya Juda. Kahoo ratang nnete le kgotso.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ